Vinkmag ad

La 30 Phato 2025

Beke ea 21 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Thessalonika. (4:9-11)

“Le rutiloe ke Molimo ho ratana.”

Bana beso! Ha e le ka lerato la boena ha re hloke ho le ngolla ka lona, kahobane le lona le rutiloe ke Molimo ho ratana. Efela le etsa joalo ho bana b’abo lona kaofela ba Makedonia eohle.

Feela rea le rapela, bana b’eso, hore le eketse hape, ‘me le hlokomele ho lula ka khotso, ho phetha mesebetsi ea lona le ho sebetsa ka matsoho a lona, joalokaha re le laetse. Ka tsela ena le tla etsetsa le ba kantle ka tšoanelo ‘me le ke ke la hloka letho la motho.

PESALEMA 97

MORENA O TLIL’O AHLOLA LICHABA KA TOKA.

Binelang Morena sefela se secha,

hobane o entse tse tsotehang.

O hlotse ka seatla sa hae,

ka letsoho le halalelang la hae.

MORENA O TLIL’O AHLOLA LICHABA KA TOKA.

Leoatle le ke le rore,

‘moho le tsohle tse ka ho lona,

lefatše le ba ahileng ho lona.

Linoka li ke li ope liatla,

lithaba li ke li hlabe litlatse hammoho,

pel’a Morena, hobane o tlil’o ahlola lefatše.

MORENA O TLIL’O AHLOLA LICHABA KA TOKA.

A ke a ahlole lefatše ka toka,

le lichaba ho se leeme.

MORENA O TLILO AHLOLA LICHABA KA TOKA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (25:14-30)

“U tšepahetse linthong tse seng kae, kena thabong ea morena ua hau.”

Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena: ‘Muso oa maholimo o tšoana le motho ea etelang hole, ea ileng a bitsa bahlanka ba hae ‘me a ba siela maruo a hae. A abela e mong chelete e litalenta li hlano, e mong tse peli, e mong e le ‘ngoe, e mong le e mong ka ho ea ka mahlale a hae. Motho eo a nt’o tsamaea.

Ea amohetseng litalenta tse hlano a ikela, a ea hoeba ka tsona, ‘me a phaella ka tse hlano. Ka mokhoa o joalo, le eena ea neng a amohetse tse peli a phaella ka tse peli. Athe ea neng a amohetse e le ‘ngoe a ea cheka fatše, ‘me a epela chelete ea mong’a hae.

Kamor’a nako e telele, morena oa bahlanka bao a khutla, ‘me a hlahloba tšebetso ea bona. Joale ea neng a amohetse litalenta tse hlano a atamela, a tlisa litalenta tse ling tse hlano, a re: Morena, u ile ua nkabela litalenta tse hlano; bona, ke phaelletse ka tse ling tse hlano. Morena oa hae a re ho eena: Ke hantle mohlanka ea lokileng ‘me ea tšepahalang. Ka ha u tšepahetse linthong tse seng kae, ke tla u beha holim’a tse ngata; kena thabong ea morena ua hau.

Le eena ea neng a amohetse litalenta tse peli, a atamela ‘me a re: Morena, u ile ua nkabela litalenta tse peli: bona ke phaelletse ka tse ling tse peli. Morena oa hae a re ho eena: Ke hantle, mohlanka ea lokileng ‘me ea tšepahalang. Ka ha u tšepahetse linthong tse seng kae, ke tla u beha holim’a tse ngata; kena thabong ea morena ua hau.

Athe ea neng a amohetse talenta e le ‘ngoe, a atamela ‘me a re: Morena, kea tseba hore u motho ea thata: u kotula moo u sa kang ua jala teng, ‘me u bokella moo u sa kang ua hasa teng. Ka baka la ho tšaba, ka ea, ka epela talenta ea hau mobung; ke eo, u na le seo e leng sa hau. Mong’a hae a fetola, a re: Mohlanka e mobe, ‘me ea botsoa, u n’u nts’u tseba hore ke kotula moo ke sa kang ka jala teng, ‘me ke bokella moo ke sa kang ka hasa teng. Ha ho le joalo, u n’u tšoanetse ho beha chelete ea ka bankeng, e tl’e re mohla ke khutlang, ke e amohele ‘moho le phaello ea eona. Ka baka leo, mo amoheng talenta ea hae, ‘me le e nehe ea nang le litalenta tse leshome. Hobane ea nang le letho o tla fuoa ‘me a ateloe; empa ea se nang letho o tla amohuoa le seo e bang o na le sona. Ha e le mohlanka eo ea se nang thuso, mo lahleleng lefifing le kantle, moo ho tla ba teng lillo le litsikitlano tsa meno.

Vinkmag ad

Read Previous

Bantu e khutlisetsa sechabeng

Read Next

La 1 Loetse 2025

Most Popular