Sehopotso sa Monica ea Halalelang.
Beke ea 21 har’a selemo
Laboraro
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Ba-Thessalonika. (2:9-13)
“Re ne re sebetsa nyene le bosiu, e le hore re le rute Evangeli.”
Bana beso! Le sa hopola mesebetsi le mekhathala ea rona. Re ne re sebetsa nyene le bosiu, e le hore re se ke ra khoka le ea mong oa lona ha re le ruta Evangeli ea Molimo. Le lipaki, le Molimo ke paki, hore lona balumeli, re le etselitse ka khalalelo, ka ho loka, ho se hoo re ka nyatsuoang ka hona. Le bile le tseba kamoo re entseng e mong le e mong oa lona kateng, joalokaha ntat’a bana a etsa bana ba hae. Ra le khothatsa, ra le tšelisa, re le rapela hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Molimo ea le bitselitseng ‘musong le letlotlong la hae.
Ka baka leo le rona ha re phetse ho leboha Molimo: hobane mohla re le boleletseng lentsoe la Molimo, le le amohetse e seng joaloka lentsoe la batho, empa joalokaha e le lona lentsoe la Molimo ka sebele, ea sebetsang ho lona ba lumetseng.
PESALEMA 138
MORENA U NTLHAHLOBILE ‘ME UA NTSEBA.
Nka ea kae ho ba hole le moea ua hau?
Nka balehela kae ho ba hole le sefahleho sa hau?
Leha nka nyolohela maholimong, u teng;
leha nka ea robala Qalong-ea-bafu,
le moo u nts’u le teng.
MORENA U NTLHAHLOBILE ‘ME UA NTSEBA.
Leha nka alima mapheo a mafube,
ka ea ikahela lipheletsong tsa leoatle,
esita le hona teng,
ke tla tsamaisoa ke seatla sa hau,
‘me letsoho la hau le tla ntšehetsa.
MORENA U NTLHAHLOBILE ‘ME UA NTSEBA.
Leha nka re: “Lefifi, nkoahele;
leseli le nteetseng hare e be bosiu,”
ho uena esita le lefifi e ke ke ea e-ba lefifi,
bosiu bo khanya joaloka motšeare.
MORENA U NTLHAHLOBILE ‘ME UA NTSEBA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (23:27-32)
“Le ipaka e le lona hore le bana ba ba bolaileng baprofeta.”
Ka nako eo, Jesu a bua a re: Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, hobane le tšoana le mabitla a koetlisitsoeng, a bonahalang ho batho a le matle kantle, empa kahare a tletse masapo a ba shoeleng le libolu. Ho joalo ho lona, hobane le bonahala le lokile mahlong a batho, empa kahare le tletse boikaketsi le bokhopo.
Ho malimabe lona, Bangoli le Bafarisi, lona baikaketsi, ba ahang mabitla a baprofeta, ‘me ba khabisang mabitla a ba lokileng, le re: Hoja re phetse mehleng ea bo-ntat’a rona, re ka be re hlokile kopano le bona maling a baprofeta. Ka hona le ntse le ipaka e le lona hore le bana ba ba bolaileng baprofeta. Ha ho le joalo, tlatsang tekanyo ea bo-ntat’a lona.
