Vinkmag ad

La 22 Phato 2025

Sehopotso sa Maria Movirigo, Mofumahali.

Beke ea 20 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Ruthe. (1:1.3-6.14-16.22)

“Naomi, le Ruthe oa ba-Moabe, ba fihla Bethlehema.”

Tšiung tseo ho neng ho busa baahloli, tlala ea oela naha ea Israele. Ke ha monna e mong oa Bethlehema e Juda a tloha, a ea jaka naheng ea Moabe, a e-na le mosali oa hae le bara ba hae ba babeli. Monna eo, Elimeleke, e leng mohats’a Naomi, a shoa, a sia mosali le bara ba babeli.

Bao ba nyala basali ba ba-Moabe e mong a bitsoa Orpa, e mong Ruthe. Ba lula teng lilemo tse ka bang leshome. Le bona bara ba e-shoa ka bobeli ba bona, ha sala mosali eo ea shoetsoeng ke bara ba hae ba babeli le monna.

Naomi a itokisetsa le lingoetsi tsa hae ho tsoa naheng ea Moabe; hobane o n’a utloile, ha a nts’a le moo hore Morena o hauhetse sechaba sa hae ka ho se fa lijo.

Eaba Orpa o aka matsal’ae ho mo Iumelisa: ha e le Ruthe, eena a sala le eena. Naomi a re: Bona, ngoan’eno o khutletse chabeng sa habo le ho melimo ea habo; khutla u mo sale morao.

Ruthe a re: U se ke ua nqophella hore ke u siee, ebe ha ke ee le uena: hobane moo u eang, le ‘na ke ea teng: le moo u tla lula le ‘na ke tla lula teng: chaba sa heno, le ‘na ke sa heso, le Molimo ua hau ke Molimo oa ka le ‘na.

Ho bile joalo ho khutla ha Naomi, bona le Ruthe oa ba-Moabe, ngoetsi ea hae, ha e-tsoa naheng ea Moabe. Ba fihla Bethlehema, ha ho qaloa ho heloa harese.

PESALEMA 145

MOEA OA KA, U RORISE MORENA.

Ho lehlohonolo ea thusoang ke Molimo oa Jakobo,

ea tšepileng Morena, Molimo oa hae,

eena ea entseng leholimo le lefatše,

le leoatle le tsohle tse ho tsona.

MOEA OA KA, U RORISE MORENA.

Eena ea nang le botšepehi bo se nang bofelo,

ea ahlolelang ba tlatlaptjoang

‘me ea fang ba lapileng bohobe.

MOEA OA KA, U RORISE MORENA.

Morena o lokolla batšoaruoa,

Morena o tutubolla mahlo a lifofu,

Morena o kobolla ba khokhopaneng,

Morena o rata ba lokileng.

MOEA OA KA, U RORISE MORENA.

Morena o phallela khutsana le mohlolohali,

empa ba khopo o ba lahlisa tsela.

Morena ke khosi ea kamehla,

Molimo ua hau, Sione, ke oa meloko le meloko.

MOEA OA KA, U RORISE MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (22:34-40)

“U tla rata Morena Molimo ua hau, le ngoan’eno joalokaha u ithata.”

Ka nako eo, bafarisi ba tla ho Jesu, ‘me e mong oa bona, eo e neng e le moruti oa Molao, a ‘motsa a mo leka, a re: Moruti, taelo e kholo ke efe Molaong na?

Jesu a re ho eena: U tla rata Morena Molimo ua hau ka pelo ea hau eohle, ka moea ua hau oohle le ka kelello ea hau eohle. Ena ke eona taelo e kholo ‘me ea pele. Ea bobeli e tšoana le eona: U tla rata oa heno joalokaha u ithata. Molao oohle, ‘moho le Baprofeta, o itšetleha ka litaelo tsena tse peli.

Vinkmag ad

Read Previous

La 21 Phato 2025

Read Next

IEC e’a imatlafatsa

Most Popular