Vinkmag ad

La 9 Phato 2025

Labotšelela

Beke ea 18 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Deuteronoma. (6:4-13)

“U tla rata Morena Molimo ua hau ka pelo ea hau eohle.”

Moshe a bua le sechaba a re: Mamela, uena Israele: Morena Molimo oa rona ke eena a inotši e leng Morena. U tla rata Morena Molimo ua hau ka pelo ea hau eohle, le ka moea ua hau oohle, le ka matla a hau ‘ohle. Litaelo tseo ke u laelang tsona kajeno li ke li thophothele pelo ea hau.

U tl’u li rute bana ba hau, ‘me u bue ka tsona, ha u lutse katlung kapa u tsamaea tseleng, leha u robetse kapa u tsohile. U li tlame letsohong la hau e le letšoao, ‘me li be joaloka moqhaka phatleng ea hau. U li ngole likoseneng tsa ntlo ea hau, le mamating a eona.

E tl’e re hoba Morena, Molimo ua hau, a u fihlise naheng eo a hlapanyelitseng bo-ntat’ao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, hore o tla u neha eona, e leng metse e meholo e metle, eo u sa kang ua e aha, le matlo a tletseng lintho tse ntle, tseo u sa kang ua a a tlatsa ka tsona, le matamo ao u sa kang ua a cheka, le morara le mehloare eo u sa kang ua e lema, empa eo u tla ja litholoana tsa eona, u be u khore, u tl’u hlokomele hore u se lebale Morena ea u ntšitseng naheng ea Egepeta, tlung ea bokhoba.

U tla tšaba Morena, Molimo ua hau, u mo sebeletse, u hlapanye ka lebitso la hae.

PESALEMA 17

KEA U RATA, MORENA, UENA MATLA A KA.

Kea u rata, Morena, uena matla a ka.

Morena ke lefika la ka,

qhobosheane ea ka le molopolli oa ka.

Molimo oa ka ke lefika leo ke tšabelang ho lona;

ke thebe ea ka.

KEA U RATA, MORENA, UENA MATLA A KA.

Ke lenaka leo ke koebang ka lona,

le lerako le nqobeletsang.

Ka hoeletsa ho Morena

ea lokeloang ke thoriso eohle,

eaba ke pholoha lireng tsa ka.

KEA U RATA, MORENA, UENA MATLA A KA.

Morena a re phelele! Ho bokoe eena lefika la ka,

ho phafshoe Molimo, Mopholosi oa ka!

Uena ea sitsitseng khosi ea hau

ka litlholo tse kholo,

uena ea tšepahetseng ho motlotsuoa ua hau.

KEA U RATA, MORENA, UENA MATLA A KA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (17:14-19)

“Hoja le na le tumelo, le ne le ke ke la sitoa ke letho.”

Ka nako eo, ha tla monna e mong ho Jesu, a khumama kapel’a hae, a re: Morena, ak’u hauhele mor’a ka, hobane o shoa sethoathoa, o kula hampe; hangata o oela mollong, kapa metsing. Ke mo tlisitse ho barutuoa ba hau, empa ba sitiloe ho mo folisa.

Jesu a fetola, a re: A moloko o sa lumeleng, o khopo, ke tla ba le lona ho isa neng? Ke tla iphapanyetsa lona ho isa neng? Mo tliseng ho ‘na mona.

Jesu a khalemela moshạnyana; eaba modemone o tsoa ho eena, ‘me a fola ho tloha motsotsong oona oo. Joale barutuoa ba tla ho Jesu ka lekunutu ‘me ba re: Ke ka baka la’ng rona re sitiloeng ho o leleka? Jesu a ba araba, a re: Ke ka baka la ho fokola ha tumelo ea lona. Ka ‘nete kea le bolella, hoja le na le tumelo e kaalo ka peo ea mosetareta, le ne le ka re ho thaba ena: Sutha mona, u ee koana; ‘me e ka sutha. Le ne le ke ke la sitoa ke letho.

Vinkmag ad

Read Previous

Marang-rang ho bohle

Read Next

Baphatlalatsi b’a hlahlelloa

Most Popular