Vinkmag ad

La 6 Phato 2025

MOKETE OA BOIPHETOLO BA MORENA

Beke ea 18 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Daniele. (7:9-10.13-14)

“Seaparo sa hae se ne se le sesoeu joaloka lehloa.”

Ha ke ntse ke shebile, ka bona ho behoa literone. Mokakala oa matsatsi a lula; seaparo sa hae se ne se le sesoeu joaloka lehloa, moriri oa hloho ea hae o n’o ka boea bo hloekileng. Terone ea hae e n’e le malakabe a mollo, le mabili a eona e le mollo o tukang. Noka ea mollo e ne e tsoa moo a lutseng, e phalla pel’a hae. Ba likete-kete ba ne ba mo sebeletsa, ba mashome-shome a likete ba ne ba eme pel’a hae. Lekhotla la lula, libuka tsa phetloa. Ka bona e mong ea kang Mor’a motho a e-tla ka maru a leholimo, a leba ho Mokakala oa matsatsi, a tlisoa ho eena.

A nehoa puso le hlompho le borena; ‘me ba merabe eohle le ba lichaba tsohle, le ba lipuo tsohle ba mo sebeletsa. Puso ea hae ke puso e sa feleng, e ke keng ea feta: ‘me ‘muso oa hae o ke ke oa timetsoa.

Pesalema 96

MORENA KE KHOSI, O OKAMETSE LEFATšE LOHLE.

Morena ke khosi, lefatše le ke le nyakalle,

le tsona lihleke-hleke tsohle li thabe.

O potiloe ke maru a matšo-matšo,

toka le molao ke motheo oa terone ea hae.

MORENA KE KHOSI, O OKAMETSE LEFATšE LOHLE.

Lithaba li ghibiliha joaloka boka

pel’a Morena oa lefatše lohle.

Maholimo a phatlalatsa toka ea hae,

‘me lichaba tsohle li bona letlotlo la hae.

Itiheleng fatše kapele ho eena,

lona melimo eohle.

MORENA KE KHOSI, O OKAMETSE LEFATšE LOHLE.

Hobane uena, Morena, u Ea holimo-limo,

u okametse lefatše lohle.

u feta hole melimo eohle!

MORENA KE KHOSI, O OKAMETSE LEFATSE LOHLE.

Ho baloa Lengolong la Bobeli la Moapostola Peterosi. (1:16-19)

“Re ile ra utloa lentsoe le tsoang leholimong.”

Baratuoa! Re ile ra le tsebisa matla le ho tla ha Morena oa rona Jesu Kriste e seng ka ho latela litšomo tsa bomenemene, empa ka ho ba lipaki tse boneng tlotleho ea hae.

Hobane o filoe ke Molimo Ntate hlompho le tlotliso, mohla lentsoe le mo tlelang, le e-tsoa Letlotlong le phahameng, le re: Enoa ke Mora oa ka ea ratuoang, eo ke khahloang ke eena. Lentsoe lena, rona re ne re le utloe; le ile la tsoa leholimong, ha re ne re e-na le eena thabeng e halalelang.

Hape re na le lentsoe le tiileng ho feta, la baprofeta, leo le etsang hantle ha le le mamela, joaloka hoja e le lebone le bonesang lefifing, ho fihlela bosiu bo e-sa, ‘me naleli ea meso e chabela lipelong tsa lona.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (9:28-36)

“Ha Jesu a nts’a rapela, sebopeho sa sefahleho sa hae sa fetoha.”

Ka nako eo, Jesu a tsamaea le Peterosi le Jakobo le Joannes, a nyolohela thabeng ho ea rapela. Eare a ntse a rapela, sebopeho sa sefahleho sa hae sa fetoha liaparo tsa hae tsa e-ba tšoeu ‘me tsa khanya. Hang ha e-ba teng banna ba babeli ba buang le eena, e leng Moshe le Elia. Ba hlaha letlotlong ba ntse ba bua le Jesu ka ho tloha ha hae lefatšeng, hoo a tla ho phetha Jerusalema. Peterosi le balekane ba hae ba ne ba imetsoe ke boroko. Ha ba phaphama, ba bona letlotlo la Jesu le banna bao ba babeli ba emeng le eena. Hoba bao ba tlohe ho Jesu, Peterosi a re ho eena: Moruti, ho monate ha re le mona. E-re re hlome maphephe a mararo, le leng e be la hau, le leng la Moshe, le leng la Elia. O n’a sa tsebe seo a se buang. A s’a ntsane a bua joalo, leru la hlaha, le ba haeletsa; ‘me ba tšaba ha ba kena lerung. Ke ha lentsoe le tsoa lerung, le re: Enoa ke Mora oa ka, Mokhethuoa oa ka; le mo mamele. Hoba lentsoe leo le qete ho bua. Jesu a iphumana a se a le inotši.

Barutuoa ba ile ba boloka lekunutu, ‘me matsatsing ao ba se ke ba bolella motho letho la tseo ba neng ba li bone.

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 Phato 2025

Read Next

La 7 Phato 2025

Most Popular