Beke ea 18 har’a selemo
Labotšelela
Ho baloa Bukeng ea Levitike. (25:1.8-17)
“Selemong sa Jubilee, e mong le e mong oa lona o tla khutlisetsoa lefa la hae.”
Morena a bua le Moshe thabeng ea Sinai a re: U tla bala libeke tse supileng tsa lilemo, ke hore lilemo tse supileng hasupa, ‘me nako ea libeke tsena tse supileng tsa lilemo e tla ba lilemo tse mashome a mane a metso e robong. Ka khoeli ea bosupa, ka la leshome khoeling, le tla letsa literompeta, tse molumo o phefa. Ka letsatsi la Puseletso le tla letsa literompeta naheng eohle ea habo lona.
Le tla halaletsa selemo sa mashome a mahlano, ‘me le tla phatlalletsa baahi bohle ba naha tokoloho. E tla ba Jubilee ho lona. E mong le e mong oa lona o tla khutlisetsoa lefa la hae, e mong le e mong a khutlele tlung habo.
Selemo seo sa mashome a mahlano e tla ba sa Jubilee ho lona: le se ke la jala, le se ke la kotula matsoaboli a sona, le se ke la kha morara lifateng tse sa kutoang. Ke Jubilee; ho lona e tla ba selemo se halalelang, seo ka sona le tla ja tse imelelang masimong.
Ka selemo seo sa Jubilee, e mong le e mong o tla khutlisetsoa lefeng la hae. Ha le rekisetsa oa habo lona tšimo, kapa le ithekela eona ho eena, le se ke la jana.
U tla bala lilemo ho tloha Jubilee, ha u ithekela ho oa heno, ‘me le eena o tla u rekisetsa ka ho ea ka palo ea lilemo tse setseng tsa kotulo. O tla u nyollela theko ha ho nts’o setse lilemo tse ngata, le teng a u fokoletse eona ka ho ea ka ho fokotseha ha lilemo tseo, hobane o tla u rekisetsa ka ho ea ka palo ea lilemo tse setseng tsa kotulo.
Le se ke la jana, empa u tšabe Molimo ua hau, hobane ke ‘na Morena, Molimo oa lona.
PESALEMA 66
LICHABA LI KE LI U BOKE UENA MOLIMO LICHABA LI KE LI U BOKE.
Molimo a ke a re hauhele ‘me a re hlohonolofatse,
a re bontše sefahleho se elileng,
hore tsela ea hae e tle e tsejoe lefatšeng,
le pholoho ea hae lichabeng tsohle.
LICHABA LI KE LI U BOKE UENA MOLIMO LICHABA LI KE LI U BOKE.
Lichaba li ke li boke, uena Molimo,
lichaba li ke li u boke!
Merabe e ke thabe, e nyakalle,
hobane u busa lichaba ka toka,
u tsamaisa merabe lefatšeng lohle.
LICHABA LI KE LI U BOKE UENA MOLIMO LICHABA LI KE LI U BOKE.
Lefatše le hlahisitse litholoana,
Morena Molimo oa rona o re hlohonolofalitse.
Molimo a ke a re hlohonolofatse,
lefatše ka bophara ba lona le ke le mo tšabe!
LICHABA LI KE LI U BOKE UENA MOLIMO LICHABA LI KE LI U BOKE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (14:1-12)
“Heroda a romela chankaneng ho ea khaola Joannes hloho, eaba barutuoa ba hae b’a tla, ba tsebisa Jesu.”
Ka nako eo, morena Heroda a utloa botumo bo Jesu, ‘me a re ho, bahlanka ba hae: Enoa ke Joannes Mohlatsoi! O tsohile bafung; ke ka baka leo a nang le matla a ho sebetsa mehlolo ena.
Efela Heroda o ne a ile a tšoara Joannes, a mo tlama, a mo kenya chankaneng ka baka la Herodiase, mohats’a moen’ae Filipi. Hobane Joannes o ne a ile a re ho Heroda: Ha ua lumelloa ho phela le eena. Empa leha Heroda a ne a rata ho bolaea Joannes, a tšaba sechaba hobane se ne se mo talima e le moprofeta.
Joale, mohla mokete oa khopotso ea tsoalo ea Heroda, morali oa Herodiase a etsa chao sebaeeng, ‘me a khahlisa Heroda, hoo a bileng a mo tšepisa, ka ho ikana, hore o tla mo fa eng kapa eng eo a ka e kopang. Eena, ka ho susumetsoa ke ‘m’ae, a re: Mphe hloho ea Joannes Mohlatsoi, ka mokeke, hona mona.
Morena a soaba, empa ka baka la kano le ka baka la ba lutseng le eena a laela hore moroetsana a e fuoe. A romela chankaneng ho ea khaola Joannes hloho. Hloho ea hae ea tlisoa ka mokeke, ea fuoa moroetsana, ‘me eena a e isa ho ‘m’ae. Eaba barutuoa ba Joannes b’a tla, ba nka setopo, b’a se pata, ba nt’o ea tsebisa Jesu.
