Vinkmag ad

RSL e’a inolofaletsa

Setsi sa Pokello ea Lekhetho sa Lesotho (RSL) se tšoaile mohato oa bohlokoa nalaneng ea sona oa ho ntlafatsa phano ea litšebeletso le ho li atametsa ho sechaba ka kakaretso, ka ho thakhola semmuso koloi e tl’o tsamaea literekeng le libakeng tse fapakaneng ho fana ka litšebeletso tsohle ho sechaba. Ketekelo ena, e bile ka la 4 Phupu monongoaha.

Mookameli oa RSL ‘Mathabo Mokoko o re ona ke mohato oa maano o reretsoeng ho nolofalletsa batho ba lulang libakeng tse hole kapa ba sa tsebeng hantle lisebelisoa tsa marang-rang ho fihlella litšebeletso tsa RSL. A re ofisi ena e tl’o fana ka mefuta e mengata ea litšebeletso tsa bohlokoa, har’a litšebeletso tse ka fumanoang ho kenyeletsa le tse fumanehang sethaleng sa marang-rang sa RSL tsona ke e-tax e nolofalletsang ba lefellang lekhetho ho ingolisa, ho tlatsa le ho laola litaba tsa bona tsa lekhetho ka marang-rang.

O re tšebetso ena ke bopaki ba boitlamo ba RSL ba ho kenyeletsa Basotho bohle tšebetsong ea phetoho ea marang-rang, ho sa tsotellehe hore na motho o lula hokae kapa o na le tsebo e kae ea marang-rang. Ofisi ena ea mohala e tla bapala karolo ea bohlokoa ho atametsa litšebeletso tsa RSL ho sechaba, e matlafatsa sepheo sa RSL sa ho etsa tsamaiso ea lekhetho hore e be e sebetsang, e fumanehe ha bonolo.

Mookameli-Kakaretso Lefapheng la Phano ea Litšebeletso ka Marang-rang, Tšepo Raletooane o hlalositse hore mosebetsi oa koloi ena ke ho atametsa litšebeletso haufi le sechaba, hobane ha li fumaneha hohle habonolo ho tla etsa hore Mosotho e mong le e mong a li fumane. O re ha ho kamoo koloi ena e ka lulang e sa sebetse hobane hohle moo ba lokelang ho ba teng ke kahar’a sechaba ho se thusa ho ntlafatsa litaba tsa bona tsa ho lefa lekhetho.

‘Makhothatso Khanari mookameli Lefapheng la Phano ea Litšebeletso ka Marang-rang, o bontšitse hore koloi ena e hokelletsoe le lisebelisoa tsohle tsa marang-rang a tla fumaneha libakeng tsohle, e sebelisa motlakase oa letsatsi e le karolo ea hore hohle moo ba lokelang ho fana ka litšebeletso ho se khokelo ea motlakase ho be bonolo ho bona ho etsa joalo.

A re har’a mosebetsi o moholo o ba tlang ho o etsa ke ho fana ka litokomane tsa lekhetho, ho thusa batho ba lebetseng linomoro tsa bona tsa lekunutu ho ntlafatsa tšebeletso e joalo hore ba tsebe ho fumana litšebeletso tsohle, ba boetse ba na le mokhooa oa ho boloka litokomane kamor’a tšebetso, le ho sebelisa mekhoa e ntlafetseng ea ho fana ka thuto nakong ea tšebetso.

Vinkmag ad

Read Previous

La 11 Phupu 2025

Read Next

Bacha ba phathahanya ‘muso

Most Popular