Vinkmag ad

La 31 Phupu 2025

Sehopotso sa Ignatius oa Loyola ea Halalelang, Moprista.

Labone

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (40:14-19,32-36)

“Leru le khurumetsa Tente ea Kopano, ‘me khanya ea Morena ea tlala Motlotloane.”

Moshe a etsa tsohle tseo Morena a mo laetseng tsona, a fela a li etsa. Ka khoeli ea ho qala ea selemo sa bobeli, ka tsatsi la pele la khoeli, Motlotloane oa hlongoa. Moshe a hloma Motlotloane, a beha liluloana, a beha mapolanka, a beha le maballo, a emisa litšiea. Hape, a koahela Motlotloane ka tente, ‘me holim’a eona a beha sehlohlolo sa tente, joalokaha Morena a n’a mo laetse.

Joale a nka matlapa a bopaki a a beha ka arekeng, a kenya mesikaro mahlakoreng a areka, a nt’o beha Mokeke oa Puseletso. Eaba o tlisa areka Motlotloaneng, a lepeletsa lesira ka ho oona ho sireletsa areka ea bopaki joalokaha Morena a n’a mo laetse.

Eaba leru le khurumetsa Tente ea Kopano, ‘me khanya ea Morena ea tlala Motlotloane. Esita le Moshe a sitoa ho kena tenteng ea Kopano, hobane leru le ne le lutse holim’a eona, le khanya ea Morena e ne e tletse Motlotloaneng.

E ne e ee ere ha leru le nyoloha le tloha Motlotloaneng, bana ba Israele ba ne ba ee ba tsamaee. Ha e-ba joalo nakong eohle ea leeto la bona. Empa ha leru le ne le sa nyolohe, ba ne ba sa tsamaee ho fihlela tsatsing leo le tla nyoloha ka lona.

Hobane leru la Morena le ne le e-ba holim’a Motlotloane motšeare, athe bosiu mollo o no le teng kahar’a lona, o bonoang ke bohle ba Ntlo ea Israele. Ha e-ba joalo nakong eohle ea leeto la bona.

PESALEMA 83

E RATEHA HAKAKANG MEAHO EA HAU, MORENA OA TSOHLE.

Moea oa ka o hlolohetsoe

mabala a tempele ea Morena,

hoo nka ‘nang ka shoa;

pelo le litho tsohle tsa ka li hoeletsa ka thabo

ho Molimo ea phelang.

E RATEHA HAKAKANG MEAHO EA HAU, MORENA OA TSOHLE.

Esita le serobele se iphumanetse lehae,

le lefokotsane ntloana,

eo le behang malinyane a lona ho eona.

Haufi le lialetare tsa hau, Morena oa tsohle,

Khosi ea ka le Molimo oa ka.

E RATEHA HAKAKANG MEAHO EA HAU, MORENA OA TSOHLE.

Ho lehlohonolo ba lulang ka tlung ea hau,

ba u rorisang ba sa khaotse,

Ho lehlohonolo batho bao uena u leng matla a bona;

ba matlafala ho-ea-ho-ile.

E RATEHA HAKAKANG MEAHO EA HAU, MORENA OA TSOHLE.

Ruri letsatsi le le leng mabaleng a hau

le feta a sekete bakeng se seng.

Ke ikhethela ho ba monyako oa Ntlo ea Molimo oa ka,

ho e-na le ho lula metlotloaneng ea ba khopo.

E RATEHA HAKAKANG MEAHO EA HAU, MORENA OA TSOHLE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:47-53)

“Ba hloaele tse ntle lipitseng, tse mpe tsona ba li lahlele thoko.”

Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele: ‘Muso oa maholimo o tšoana le letlooa le akhetsoeng leoatleng, le haharang litlhapi tsa mefuta-futa; leo ereng ha le se le tletse, ba le hulele lebopong, ba lule, ba hloaele tse ntle lipitseng, tse mpe tsona ba li lahlele thoko. Ho tla ba joalo bofelong ba lefatše: manyeloi a tla tsoa, a arole ba babe ho ba lokileng, a ba lahlele seboping sa mollo; moo ho tla ba le seboko le litsikitlano tsa meno.

Na le utloisisa tsee tsohle? Ba re ho eena: E. Joale a re ho bona: Ka baka leo mongoli ofe kapa ofe ea seng a fetohile morutuoa oa ‘Muso oa maholimo o tšoana le mong’a ntlo ea ntšang letlotlong la hae tse ncha le tsa khale. Eitse ha Jesu a qetile lipapiso tseo, a tloha moo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 30 Phupu 2025

Read Next

La 1 Phato 2025

Most Popular