Vinkmag ad

La 29 Phupu 2025

Sehopotso sa Maretha, Maria le Lazaro ba Halalelang.

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (33:7-11;34:5-9.28)

“Morena o n’a ee a buisane le Moshe lifahleho li talimane.”

Matsatsing ao, a nka Tente, a itlhomela eona ka ntle ho liahelo, hojana le liahelo. A e bitsa Tente ea Kopano. Mang le mang ea batlang keletso ea Morena, o n’a e-ea Tenteng ea Kopano e kantle ho liahelo. E ne e ee e re ha Moshe a ea Tenteng, sechaba sohle se ne se ema ka maoto. E mong le e mong o n’a ema monyako oa tente ea hae, a shebe Moshe ho fihlela a kena Tenteng. Ha Moshe a s’a kene Tenteng, Topallo ea leru e ne e ee e theohe e eme monyako oa tente, ‘me Morena a bue le Moshe. Ha sechaba se bona topallo ea leru e eme monyako oa Tente, bohle ba ne ba ee ba eme ba nt’o khumama e mong le e mong monyako oa tente ea hae. Morena o n’a ee a buisane le Moshe lifahleho li talimane, joalokaha motho a buisana le motsoalle oa hae. Ebe Moshe o khutlela liahelong. Ha e le mohlanka oa hae, Joshua, mor’a Nune, eo e neng e nts’e le mohlankana, o n’a sa tlohe Tenteng.

Moshe a rapela lebitso la Morena, Morena a feta pel’a hae a nts’a hooa, a re: Morena, Morena ke Molimo ea mohau, ea lereko, ea liehang ho halefa, ea tletseng mohau le ‘nete! O hauhela batho ho isa melokong e likete, o tšoarela liphoso, litlolo le sebe, leha a sa hloekise ea molato molato oa hae: empa o otla bana le litloholo ho isa molokong oa boraro le ho oa bone ka baka la liphoso tsa bo-ntat’a bona.

Moshe a phakisa a inamela fatše, a khumama, a re: Morena, ha eba ke fela ke fumane mohau ho uena, Morena a ke a mpe a re felehetse. ‘Nete ke hore, ke sechaba sa batho ba hloho li thata, empa u re tšoarele liphoso le libe tsa rona, ‘me u re nke re be lefa la hau.

PESALEMA 102

MORENA O MOSA, O LEREKO.

 Morena o sebetsa ka ho loka,

o ahlolela bohle ba tlatlapuoang.

O senoletse Moshe litsela tsa hae,

le bana ba Israele liketso tsa hae.

MORENA O MOSA, O LEREKO.

Ha a re tšoare

kamoo libe tsa rona li lokelang kateng

ha a re buseletse ho ea ka melato ea rona.

Joalokaha maholimo a phahametse lefatše,

ka mokhoa o tšoanang mohau oa hae

o moholo ho ba mo tšabang.

MORENA O MOSA, O LEREKO.

Joaloka ha Bochabela bo arohane le Bophirima,

ka mokhoa o tšoanang

o qhelela liphoso tsa rona thoko le rona.

MORENA O MOSA, O LEREKO.

Joalokaha ntat’a a le mosa baneng ba hae,

ka mokhoa o tšoanang

Morena o mosa ho ba mo tšabang.

MORENA O MOSA, O LEREKO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (11:19-27)

“Ke lumela hore u Kriste, Mora oa Molimo ea phelang.”

Ka nako eo Bajodi ba bangata ba ne ba tlile ho Maretha le ho Maria matšelisong a khaitseli ea bona. Maretha, ha a utloa hore Jesu o’a tla, a ea mo khahlametsa, athe Maria eena o ile a sala hae.

Maretha a re ho Jesu: Morena, hoja ua ba teng, ngoan’eso a ka b’a sa shoa. Empa le joale, kea tseba, tsohle tseo u ka li kopang ho Molimo, Molimo o tla u fa tsona. Jesu a re ho eena: Ke ‘na tsoho le bophelo. Ea lumelang ho ‘na, leha eba a shoele, o tla phela. ‘Me mang le mang ea phelang ‘me ea lumelang ho ‘na a ke ke a shoa le khale. Na hoo ua ho lumela? A re ho eena: E, Morena, ke lumela hore u Kriste, Mora oa Molimo ea phelang, ea neng a tšoanetse ho tla lefatšeng lena.

Vinkmag ad

Read Previous

Ba tšohla tlhahiso ea mesebetsi

Read Next

La 30 Phupu 2025

Most Popular