Vinkmag ad

La 8 Phupu 2025

Labobeli

Beke ea 14 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Genese. (32:22-32)

“U tla bitsoa Israele, hobane u loanne le Molimo, ‘me u hlotse.”

Matsatsing ao, Jakobo a tsoha bosiu, a tsamaea le basali ba hae ba babeli, le makhabunyane a hae a mabeli, ‘moho le bana ba hae ba leshome le motso o mong, a tšela leliboho la Jabboke. Le bona a ba tšelisa noka, a b’a tšelisa le lintho tsohle tsa hae. Eaba Jakobo o sala a inotši.

Ke ha motho e mong a betana le eena ho fihlela ha mafube a hlaha. Eitse ha motho eo a bona hore o sitoa ho mo hlola, a mo otla komiking ea noka, eaba Jakobo o nonyetseha komiking ha a nts’a betane le eena. Eo a re: Ntlohele ke tsamaee; mafube a hlahile. Empa Jakobo a re: Nke ke ka u tlohela, pele u ntlhohonolofatsa.

Eo a ‘motsa a re: Lebitso la hau u mang? A re: Ke Jakobo. A re ho eena: Ha u sa tla bitsoa Jakobo, empa Israele, hobane u loanne le Molimo joaloka ha u loanne le batho, ‘me u hlotse. Jakobo a ‘motsa, a re: Ak’u mpolelle lebitso la hau hle. A araba, a re: Ke ka baka la’ng ha u mpotsa lebitso la ka? A b’a mo hlohonolofatsa hona moo.

Jakobo a reha qalo eo lebitso la Peniele; hobane o n’a re: Ke ile ka talimana le Molimo, empa ka phonyoha!

Letsatsi le ne le chabile, ha a feta Peniele: o n’a hlotsisoa ke noka. Ka baka lena, le ho fihlela kajeno bana ba Israele ha ba je mosifa o komiking ea noka, hobane Jakobo o n’a otloe mosifeng o komiking ea noka.

PESALEMA 16

HA E LE ‘NA, HA KE SE KE AHLOLETSOE, KE TLA BOHA SEFAHLEHO SA HAU.

Ak’u ‘mamele, Morena, ha ke ikopela toka,

u utloe mohoo oa ka,

u sekehele thapelo ea ka tsebe,

hobane e tsoa molomong o se nang thetso.

HA E LE ‘NA, HA KE SE KE AHLOLETSOE, KE TLA BOHA SEFAHLEHO SA HAO.

A nke ke ahloloe ke uena:

mahlo a hao a ichebetse toka feela.

Leha u ka hlahloba pelo ea ka

leha u ka ntisa bosiu bohle, ‘me ua ‘nonya,

ha u ka ke ua fumana letho.

HA E LE NA, HA KE SE KE AHLOLETSOE, KE TLA BOHA SEFAHLEHO SA HAO.

Ke hoeletsa ho uena, Molimo oa ka,

hobane u tla nkaraba.

Sekeha tsebe, u mamele lentsoe la ka.

U bonahatse kamoo mohau oa hao o tsotehang kateng,

uena ea pholosang ka letsoho la hao

ba balehelang hole le ba ba hlaselang.

HA E LE ‘NA, HA KE SE KE AHLOLETSOE, KE TLA BOHA SEFAHLEHO SA HAU.

U mpaballe joaloka thaka ea leihlo la hau,

u mpate moriting oa mapheo a hau.

Ha e le ‘na, ha ke se ke ahloletsoe,

ke tla boha sefahleho sa hau,

ke tla khoneha ke ho u bona ha ke tsoha.

HA E LE ‘NA, HA KE SE KE AHLOLETSOE, KE TLA BOHA SEFAHLEHO SA HAU.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (9:32-38)

“Kotulo e hlile e kholo, empa basebetsi ha ba bakae.”

Ka nako eo, ha tlisoa ho Jesu motho oa semumu, ea tšoenngoang ke modemone. Hoba modemone a lelekoe, semumu sa bua. Matšoele a makala, a re: Ntho e joalo ha e e-s’o ka e bonoa Israeleng. Ha e le Bafarisi ba ne ba re: O leleka bademone ka morena oa bademone.

Jesu o ne a e-ea le metse le metsana eohle, a ntse a ruta matlung a thapelo a eona, a phatlalatsa Molaetsa o molemo oa ‘Muso, a folisa maloetse ‘ohle le mafu ‘ohle.

Eare ha Jesu a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane a ne a nyahame pelo, a saretsoe joaloka linku se nang molisa. Joale a re ho barutuoa ba hae:

Kotulo e hlile e kholo, empa basebetsi ha ba bakae. Ha ho le joalo, rapelang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae!

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Phupu 2025

Read Next

La 9 Phupu 2025

Most Popular