Vinkmag ad

T.Connect-Ls e theha mesebetsi

Basotho ba 60,000 ba tla una molemo oa mosebetsi, Kampaning ea Marang-rang a sepakapaka, T.Connect e thehiloeng tlasa sekhele sa Starlink Lesotho, e khakotsoeng ka la 23 Phupjane monongoaha.

Mookameli oa Kamphani ena, Adv. Phomane Phelane o re mesebetsi e 10,000 ke ea Basotho ba ka linako tsohle, ha e 50,000 e tla arolelanoa le Basotho ka bo-mong le likhoebo tse fapakaneng, ho ea ka tumellano eo ba tla ba le eona, ho ipapisitsoe le tlhoko e teng, har’a baji ba lits’ebeletso tsa bona.

A re katoloso ea marang-rang e tla ba hohle e kenyeletsa libaka tse tlokotsing tsa Lesotho moo batho ba tla hokeloa marang-rang ba lefa M10 feela ka letsatsi bakeng sa marang-rang a sa lekanyetsoang. Lesotho le tla ba lehae la setsi se seholo ka ho fetisisa sa lipalo-palo sa AI (Artificial Intelligence) lefatšeng, se tla ahoa libakeng tsa lithaba, sena se tla fetola naha hore e be setsi sa boqapi ba mahlale.

Mokhoa o ikhethang ka khoebo ena, ho fapakana le e meng ke hore ha ba na ho rekisa mehala ea thekeng, likarete kapa ‘megabytes,’ empa e tla rekisa phihlello ea marang-rang ho ipapisitse le nako. T-Connect e tla qala Leselinyana la Naha la Liphetoho khoeli le khoeli, ho bontša tsoelopele ea nts’etsopele ea naha ka lipale tse khothatsang.

Ho bonts’a molemo oa morero likolong tse libakeng tse hole, libeke tse peli tse fetileng ba etetse Sekolo se Phahameng sa Marakabei, se hlokang marang-rang empa se ile sa fuoa likomporo tse sa kang tsa sebelisoa ho tloha ka selemo sa 2017. Sekolo seo se fumane khokelo ea likhoeli tse 12 tsa marang-rang a mahala ka Starlink, e le bopaki ba kamoo morero ona o ka fetolang bophelo ka teng.

Ho ea ka  lipalo-palo 60% ea Ma-afrika e hlalosoa e sa e hloka marang-rang, 80% ea sechaba se phelang ka lithabeng e sa fumane marang-rang, 86% e sokola litabeng tsa thuto le menyetla.

 Nolo Letele Mookameli oa Boto ea T.Connect, o hlalositse hore khoebo ena ke ea Basotho, ha e tl’o senya mesebetsi e teng empa e tl’o e boloka le ho e eketsa. A re ba rata hore khokelo ea marang-rang e be pale ea maobane likolong naha ka bophara hore bana bohle ba fumane menyetla ea bophelo.

Lebitsong la Letona la Likhokahanyo, Mahlale le Ts’ebeliso ea ona, Mohlomphehi Neo Matjato Moteane o bonts’itse hore khokelo ena ke ponts’o ea natlafalo ea moruo kaha ba buletse likhoebo tsohle ho tsetela kahar’a naha.  A re kaha mosebetsi oa bona e le ho bona hore sechaba sohle se fumana khokelo ea marang-rang ba bona Starlink e tla ka monyetla o moholo oa marang-rang a pharaletseng a tla anela bohle. A re khoebo ena e ikemiselitse ho fana ka marang-rang a anelang batho bohle,’me ba ikemiselitse ho fana ka ts’ehetso moo bao ba tla e hloka.

Lebitsong la Tona-Kholo, Prof. Ntoi Rapapa o supile hore khokelo e potlakileng ea marang-rang e tl’o arabela liqholotso tse ngata joaloka tsa thuto, bophelo le khoebo.  A re hore naha e hole moruong e lokela ho bulela batseteli mamati molemong oa bophelo bo botle ba sechaba le kholo ea sona. Ka hona a re ba motlotlo hore khoebo ena e etelletsoe pele ke ngoan’a Mosotho ‘me ho’a tsebahala hore lefats’eng Lesotho le boemong ba bone ka litaba tsa boqapi.

Vinkmag ad

Read Previous

Lihoai li thoholetsa SADP2

Read Next

La 28 Phupjane 2025

Most Popular