Vinkmag ad

La 4 Loetse 2026

Beke ea 22 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Kolosse. (1:15-20)

Bana beso! Motho a re shebe re le basebeletsi ba Kriste le baabi ba limisteri tsa Molimo. Joale, se hlokahalang ho moabi ke hore a tšepahale. Ho ‘na ke lefeela-feelane ho ahloloa kelona, kapa ke lekhotla la lefatse.

Esita le ‘na ha ke ikahlole. Hobane, leha ke ikutlooa ke se na molato oa letho, hase hore ke se ke le ea lokileng. Empa ke Morena ea nkahlolang.

Ka baka leo, se ahloleng pele ho nako, le mpe le emele ho tla ha Morena; ke eena ea tla khantša tse patehileng lefifing ‘me ea tla senola merero ea lipelo. Ke moo motho ka mong a tla fumana ho Molimo thoriso e mo lokelang.

PESALEMA 36   (3-6.27-28.39-10. R. 39)

PHOLOHO EA BA LOKILENG E TSOA HO MORENA.

Tšepa Morena, ‘me u etse tse ntle,

aha lefatšeng, ‘me u iphelele ka khotso.

Ithabele ka Morena,

‘me o tla araba likopo tsa pelo ea hao.

PHOLOHO EA BA LOKILENG E TSOA HO MORENA.

Beha sohle se u hlahelang ka pel’a Morena,

u be u mo tšepe, ke eena ea tla bona se ka etsoang.

A totobatse joaloka leseli ho loka ha hao,

le litokelo tsa hao joaloka motšeare oa lenyeta.

PHOLOHO EA BA LOKILENG E TSOA HO MORENA.

Sesefa bobe, u etse botle,

‘me u tla ba le lehae ka mehla;

hobane Morena o rata toka,

a ke ke a lahla metsoalle ea hae.

PHOLOHO EA BA LOKILENG E TSOA HO MORENA.

Pholoho ea ba lokileng e tsoa ho Morena:

ke eena setšabelo sa bona ka nako ea matšoenyeho.

Morena oa ba thusa ‘mne oa ba lopolla,

oa ba pholosa ha ba tšabela ho eena.

PHOLOHO EA BA LOKILENG E TSOA HO MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (5:33-39)

“Ha monyali a tla tlosoa ho bona, ke moo joale ba tla itima.”

Ka nako eo, Bafarisi le Bangoli ba re ho Jesu: Barutuoa ba Joannes ba itima lijo hangata, ba etsa lithapelo, le barutuoa ba Bafarisi ba etsa joalo; athe ba hao ba e ja’me ba ea noa! A re ho bona: Na le ka etsa hore baetssna ba itime, ha monyali a nts’a e-na le bona? Empa matsatsi a tla tla, ao ka ‘ona monyali a tla tlosoa ho bona, ‘me ke moo joale ba tla itima matsatsing ao.

Hape a ba bolella papiso, a re: Ha ho motho ea keng a rokelle seaparong sa khale setsiba se tsoang seaparong se secha. Efela ha motho a ka etsa joalo, o tla tabola le sona seaparo se secha, ‘me setsiba se tsoang seaparong se secha se ke ke sa lumellana le sa khale.

Le teng ha ho motho ea keng a tšele veine e ncha makukenga khale. Ha motho a ka etsa joalo, veine e ncha e tla phatlola makuka, ebe veine ea tšoloha, le makuka a senyeha. Empa e ka khona veine e ncha e tšeloe makukeng a macha. ‘Me ha ho motho ea keng a batle veine e ncha, hoba a qete ho noa ea khale: hobane o re: E monate ke ea khale.

Vinkmag ad

Read Previous

Sehopotso sa Gregori e Moholo ea Halalelang

Most Popular