La 4 Phato 2026
Beke ea 18 har’a selemo
Labobeli
Ho baloa Bukeng ea Lipalo. (11:4-15)
“Ke sitoa ho jara sechaba sena, kaofela ke le mong.”
Matsatsing ao, bana ba Israele ba re: Ke mang ea tla re fa nama, re ke re je? Ebile re hopotse litlhapi tseo re neng re itjella tsona feela Egepeta, le likomkomere, le mahapu, le metsuntsunyane le lieie, le sefothafotha! ‘Me joale, bophelo ba rona bo fokotse, ha re na letho; mahlo a rona a se a bona manna feela.
Manna a ne a ka tlhaku ea koriandere, ‘me ka ‘mala a n’a tšoana le lero le ommeng la sefate. Batho ba ne ba ee ba phasaphase ho a thonaka, ba a sile ka leloala, kapa ba a tule ka tšiloana; ba nt’o a pheha ka lipitsa kapa ba etse liphaphatha ka ‘ona. A n’a latsoeha joaloka liphaphatha tse lubiloeng ka oli. Ha phoka en’e lala liahelong bosiu, le ‘ona manna a n’a lethehela ho tsona.
Moshe a utloa sechaba se lla malapeng a sona, e mong le e mong a le monyako oa tente ea hae. Le eona khalefo ea Morena ea tlokoma hampe. Eaba Moshe o’a soaba.
Moshe a re ho Morena: Ke ka baka la’ng u utloisang mohlanka oa hao bohloko? Ke ka baka la’ng ha ke sa ka ka fumana mohau mahlong a hao, empa u ntjarisitse boikarabello bo boima holim’a sechaba see kaofela? Ebe ke ‘na ea emotseng sechaba see kaofela? Ebe ke ‘na ea se tsoetseng, ha e le moo u re: Se sike sefubeng sa hao joaloka moanyesi ha a sika ngoana ea nyanyang, u se ise naheng eo ke hlapanyelitseng bo-ntat’a sona hore ke tla se neha eona na?
Nama ke tla e nka kae, ke tle ke fepe sechaba see kaofela, hobane bohle b’a ntelela, ba re: Re fe nama, re je? Ke sitoa ho jara sechaba sena kaofela ke le mong: sea nkimela. Ho e-na le hore u ntšoare tjena, ho molemo hore u mpe u mpolaee, ha eba ke fumane mohau mahlong a hao, ke se ke ka ‘na ka bona bomalimabe ba ka!
PESALEMA 80
ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.
Sechaba sa ka ha se a mamela lentsoe la ka,
Israele ha a ka a ‘natsa.
Ka ba tlohela
ka baka la lipelo tse manganga tsa bona,
ba tle ba tsamaee ka ho ea ka merero ea bona.
ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.
Hoja sechaba sa ka se ne se ka ‘mamela,
hoja Israele a ne a ka tsamaea tseleng tsa ka.
nka be ke kokobetsa lira tsa hae hang-hang.
ke isa ba mo loantšang letsoho.
ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.
Ba hloileng Morena ba ne ba tla mo qekisa,
ba phele matsoalong ka mehla.
Empa Israele ke ne ke tla mo fepa
ka koro e ntlehali,
ke mo khorise ka linotši tse tsoang lefikeng.”
ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.
Ho baloa Evangeling e halalelange ngotsoeng ke Matheus. (9:35.10:1)
“A bona matšoele, a a utloela bohloko.”
Ka nako eo, ha Jesu a bona matšoele, a a utloela bohloko ka hobane a ne a nyahame pelo, a saretsoe joaloka linku tse se nang molisa. Joale a re ho barutuoa ba hae: Kotulo e hlile e kholo, empa basebetsi ha ba bakae. Ha ho le joalo, rapelang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae!
Hoba a bitse barutuoa ba hae ba leshome le metso e ‘meli, a ba neha matla holim’a meea e litšila, hore ba tle ba e leleke, ba folise maloetse ‘ohle a mafu ‘ohle.
