Vinkmag ad

1 Phato 2026

Mokete oa Alfonse Maria Liguori ea Halalelang Moprista le Moruti oa Kereke

Beke ea 17 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (8:1-4)

“Molao oa Moea o mphelisang ho Jesu Kriste o ntopolotse molaong oa sebe le oa lefu.”

Bana beso! Ba phelang ho Jesu Kriste ha ba sa tla tsuoa; hobane molao oa Moea o mphelisang ho Jesu Kriste o ntopolotse molaong oa sebe le oa lefu.

Efela seo Molao o neng o sitoa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Molimo o se entse ka ho romela Mora oa hae ea inketse botho bo tšoanang le ba rona baetsalibe ho tlosa sebe. Ka tsela ena o ahlotse sebe bothong e le hore toka e batloang ke Molao e tle e phethahale ho rona ba sa pheleng ka botho feela empa e le ka moea.

PESALEMA 15

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ak’u mpaballe, oho Molimo,

hobane ke tšabela ho uena.

Ke itse ho Morena: “Ke uena Moren’a ka.

Morena, ke uena lefa la ka le mohope oa ka,

ke uena ka sebele ea mpolokelang kabelo ea ka.”

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ke tla boka Morena, moeletsi oa ka;

le bosiu pelo ea ka e ntse e ntaea.

Ke ikemiselitse hore e be sa le

ke hopotse Morena ka mehla;

ha Morena a le pel’a ka, nke ke ka oa.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

U tla mpontša tsela ea bophelo,

thabo e khaphatsehang e fumanoang ho eena,

le nyakallo e sa feleng

e fuoang ba lulang pel’a hao.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (23:8-12)

“Eo e leng e moholo har’a lona ke eena eo e tla ba mohlanka oa lona.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le se ke la bitsoa bo-Rabbi, hobane moruti oa lona o mong feela, ‘me bohle le bana ba motho. Ho se be motho eo le mitsang Ntat’a lona lefatšeng, hobane Ntat’a lona o mong feela, ke ea leng maholimong.

‘Me le se bitsoe Baruti, hobane moruti oa lona o mong feela, ke Kriste. Eo e leng e moholo har’a lona ke eena eo e tla ba mohlanka oa lona. Mang le mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ‘me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 31 Phupu 2026

Most Popular