Vinkmag ad

La 7 ‘Mesa 2026

Beke ea Paseka

LABOBELI

Ho baloa Bukeng ea Liketso tsa Baapostola. (2:36-41)

“Bakang ‘me e mong le e mong oa lona a hlatsuoe ka lebitso Jesu.”

Ka letsatsi la Pentekonta, Peterosi a re ho Bajodi: Ntlo eohle ea Israele e ke e tsebisise hore Jesu, eo Iona le mo thakhisitseng. Molimo o mo entse Morena le Kriste. Ha batho ba utloa tsena, ba sisimoha habohloko, ‘me ba re ho Peterosi le ho baapostola ba bang: Re tla etsa joang, banna ba heso?

Peterosi a re ho bona: Bakang ‘me e mong le e mong oa lona a hlatsuoe ka lebitso la Jesu Kriste, le tle le fumane tšoarelo ea libe tsa lona; ‘me le tla amohela Moea o Halalelang. Hobane pallo e etselitsoe lona le bana ba lona, le bohle ba leng hole, mang le mang eo Morena Molimo oa rona a tla ‘mitsa.

Peterosi o n’a ba lemosa ‘me a ba khothatsa ka lipolelo tse ling tse ngata, a re: Ipholoseng ho moloko ona o khopo. Ba ileng ba lumela polelo ea hae ba ile ba hlatsuoa. Tsatsing lona lena ha eketsoa palo ea barutuoa ka batho ba ka bang likete tse tharo.

 

PESALEMA 32 

LEFATŠE LOHLE LE TLETSE MOHAU OA MORENA.

 

Lentsoe la Morena ke la ‘nete, le mesebetsi eohle ea hae e tiile.

O rata toka, o hloka leeme,

Lefatše lohle le tletse mohau oa Morena.

LEFATŠE LOHLE LE TLETSE MOHAU OA MORENA.

 

Mahlo a Morena a holim’a ba mo tšabang,

ba tšepileng mohau oa hae,

hore a ba phemise lefu,

a ba baballele bophelo nakong ea tlala.

LEFATŠE LOHLE LE TLETSE MOHAU OA MORENA.

Meea e lebella Morena,

 ke eena thuso  le thebe ea rona.

Mohau oa hao, Morena, o ke o be holim’a rona,

Joaloka ha re u tšepile

LEFATŠE LOHLE LE TLETSE MOHAU OA MORENA.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (20:11-18)

“Ke bone Morena ‘me o mpoleletse tsena.”

Ka nako eo, Maria Magdalena o n’a eme pel’a lebitla a nts’a lla. Ha a nts’a lla joalo, a inama a nyarela ka lebitleng. A bona mangeloi a mabeli a apereng liaparo tse tšoeu, a lutse moo setopo sa Jesu se neng se behiloe teng, le leng hlohong, le leng maotong. A re ho eena: Mosali, u llela’ng? A re ho ‘ona: Ba tlositse Morena oa ka, ‘me ha ke tsebe moo ba ‘mehileng teng.

Eare a sa rialo, a reteleha ‘me a bona Jesu a eme moo, empa a sa tsebe hore ke eena. Jesu a re ho eena: Mosali, u llela’ng? U batla mang? Eena, ka ho hopola hore ke molemi oa serapa, a re ho eena: Monghali, ha eba ke uena ea mo nkileng, mpolelle moo u ‘meileng teng, ‘me ke tla mo lata.

Jesu a re ho eena: Maria! Eena a reteleha, a re ho eena: Rabboni! Ke hore: Moruti! Jesu a re ho eena: U se ke ua nthetsa, hobane ha ke e-s’o nyolohele ho Ntate; empa u ee ho bana beso u re ho bona: Ke nyolohela ho Ntate, eo e leng Ntat’a lona, ho Molimo oa ka eo e leng Molimo oa lona.

Maria Magdalena a ea bolella barutuoa a re: Ke bone Morena ‘me o mpoleletse tsena.

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 ‘Mesa 2026

Read Next

La 8 ‘Mesa 2026

Most Popular