Litšebeletso tsa bophelo bo botle hohle Lesotho li tsamaea ka lesisitheho kamor’a hore Mokhatlo oa Baoki o ntše polelo ka le reng ba tla sebetsana feela le li tšebeletso tsa mantlha, kaha baoki ba e-s’o fumane meputso ea bona ea khoeli ea Tlhakubele.
Mongoli-Kakaretso oa Mokhatlo oa Baoki Lesotho Morephe Santi, a bua a le ‘mokeng oa bo-ralitaba oa la 31 Tlhakubele monongoaha, o boletse hore ketso ena e fokolitse litšebeletso libakeng tsa bophelo bo botle tsa sechaba. ‘Me hore karabo ea bona e tle e hlahe ba tla khina litšebeletso tsa bopepisi, lipetlele, le litsamaiso tsa tlhokomelo e matla (ICU). Santi o boletse hore lefapha le hlalositse ho lieha ha tefo ka lebaka la ho se be le chelete, ‘me ba ntse ba emetse karabo.
Leha ho le joalo, o hlalositse hore boemo bona ha bo amohelehe, a tiisa hore baoki ba ntse ba sebetsa ka thata ho sebeletsa naha, ‘me ba lokela ho lefshoa ka nako bakeng sa mosebetsi oa bona.
Raliphatlalatso Lekaleng la Bophelo, Mateboho Mosebekoa, o tiisitse hore bothata bona bo ntse bo raroloa. O tiisitse hore tlaleho e ncha e tla fanoa ha nako eo e fihla.
Ho sebetsa ka monyebe ho lebeletsoe ho tsoelapele ho fihlela bothata ba meputso bo rarolotsoe, ho hlahisa matšoenyeho a baoki e le hore litšebeletso tsa bophelo bo botle ho sechaba li fumanehe.
President ea Mokhatlo ona Busa Qhala, o hlalositse hore li ntse li eme ka lekoa li hana ho tšela, kaha baoki ba ntse ba e-s’o fumane meputso ea bona. O re taba ena e tšoarella phano ea litšebeletso tsa sechaba ea boleng, o ipiletsa ho ‘muso ho ela hloko bohlokoa ba baoki. “Re tla sebetsana feela le litšebeletso tsa mantlha, bopepisi, likotsi le tsa ka malimong.” ke Qhala eo.
O re ho bohloko ho sebetsa o sa fumane moputso ka nako e lokelang, kaha e le tokelo ea bona ho fumana litsiane kaha ba li sebelelitse, ha se mohau hore ba lefuoe. O re ke nako ea hore ba bontše nyatso ea ketsahalo ena kaha e ama bophelo bo botle ba sechaba.
Ho sa le joalo, Lekala la Bophelo le ntšitse phatlalatso ka la 1 ‘Mesa monongoaha, moo le reng tiehiso ea meputso ea basebetsi ba lona bakeng sa khoeli ea Tlhakubele 2026 e bakiloe ke khaello ea lichelete.
Le tiisa hore mehato e se e nkuoe ho rarolla bothata bona, ’me meputso e tla lefshoa hang ha lichelete li se li fumaneha. Lekala le boetse le kopa basebeletsi ho tsoela pele ka tšebetso ea bona ha bothata bona bo ntse bo lokisoa.
