Beke ea 5 ea Karisima
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Jeremia. (20:10-13)
“Morena o eme le ‘na joaloka mohale ea matla.”
Ka utloa ba bangata ba ntšeba, ba re: “Ka hohle hoa tšabeha! Mo qoseng, le rona a re mo qoseng.” Bohle bao e neng e le metsoalle ea ka ba ne ba lebella hore ke khoptjoe, ba re: “Mohlomong a ka qhekelleha, ra mo hlola, ra iphetetsa ho eena.”
Empa Morena o eme le ‘na joaloka mohale ea matla; ka baka leo ba ntoantšang ba tla khothometseha, ba hloloe. Ba tla ba lihlong haholo, hobane ba sitoa ho atleha; hona e tla ba tlontlollo e sa feleng, e ke keng ea lebaleha.
Morena oa makhotla, uena ea hlahlobang ea lokileng, ea tsebang hantle lipelo le maikutlo a batho, a nke ke bone boiphetetso ba hao ho bona, hobane ke behile taba ea ka matsohong a hao. Binelang Morena, rorisang Morena, hobane o namoletse bophelo ba mohloki liatleng tsa ba khopo.
PESALEMA 17
MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.
Kea u rata, Morena,
uena matla a ka.
Morena ke lefika la ka,
qhobosheane ea ka le molopolli oa ka.
MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.
Molimo oa ka ke lefika,
leo ke tšabelang ho lona, ke thebe ea ka,
ke lenaka leo ke koebang ka lona,
le lerako le nqobeletsang.
MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.
Ka hoeletsa ho Morena
ea lokeloang ke thoriso eohle,
eaba ke pholoha lireng tsa ka.
MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.
Maqhubu a lefu a ne a nkopetse hare,
liphororo tsa timelo li ne li ntutla.
Ke ne ke tletsoe ke litlamo tsa Qalo-ea-bafu,
‘me maraba a lefu a ne a nchehile.
MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.
Matšoenyehong a ka, ka hoeletsa ho Morena,
ka ikopela thuso ho Molimo oa ka;
O utloile lentsoe la ka a le tempeleng ea hae,
mohoo oa ka oa fihla litsebeng tsa hae.
MATŠOENYEHONG A KA, KA HOELETSA HO MORENA, ‘ME O UTLOILE LENTSOE LA KA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes (10:31-42)
“Ba ne ba rata ho mo tšoara, empa a phonyoha matsohong a bona.”
Ka nako eo, Bajodi ba thonaka majoe ho tlepetsa Jesu. A re ho bona: Ke le bontšitse mesebetsi e mengata e metle, e tsoang ho Ntate; ebe le ntlepeletsa ofe ho eona? Bajodi ba mo araba, ba re: Ha se ka baka la mosebetsi o motle re u tlepetsang, empa e le ka baka la nyefolo: kahobane, ere u le motho, u iketsa Molimo.
Jesu a re ho bona: Ana ha hoa ngoloa Molaong oa lona, ho thoe: Ke itse le melimo? Ha ho le joalo, Molao o bitsa ba ileng ba bolelloa lentsoe la Molimo melimo ‘me Mangolo a ke ke a etsolloa. Joale ‘na eo Ntate a mo tlotsitseng ‘me a mo romileng lefatšeng, lona le ka re joang ho ‘na: Ua nyefola, hobane ke itse: Ke Mora oa Molimo!
Ha eba ke sa etse mesebetsi ea Ntate, se ntumeleng; empa ha ke e etsa, leha le sa batle ho lumela ‘na, lumelang mesebetsi ‘me le tsebe ruri hore Ntate o ho ‘na le ‘na ke ho eena.
Ba ne ba rata ho mo tšoara, empa a phonyoha matsohong a bona. A boela a ikela mose ho Jordane, moo Joannes a neng a hlatsoetsa teng pele, ‘me a lula teng. Ba bangata ba ile ba tla ho eena; ba ne ba re: Joannes ha a ka a etsa mohlolo le o mong; empa tsohle tseo Joannes a li boletseng ka enoa, ke ‘nete.’Me ba bangata ba lumela ho eena.
