Vinkmag ad

La 11 Tsitoe 2025

Beke ea 2 ea Advente

Labone

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (41:13-20)

“Ke molopolli oa hau, ‘na, Ea halalelang oa Israele.”

‘Na Morena, ke Molimo oa hau, ke tšoara letsoho la hau, ke re ho uena: Se tšabe, kea u thusa. Se tšabe Jakobo, uena sebokonyana, Israele, uena kokoanyana.

Ke ‘na mothusi oa hau, ho rialo Morena; molopolli oa hau ke Ea halalelang oa Israele.

Bona ke tla u etsa selei se polang, se secha, se mela e ‘meli ea meno, u tl’u pole lithaba ‘me u li thuhe, u fetole maralla ‘moko.

U tla li olosa, moea o li fefole, setsokotsane se Ii hasanye; empa uena u tla ithabela ka Morena, u ithorise ka Ea halalelang oa Israele.

Ha ba eisehang le bahloki ba batla metsi, ba sa a fumane, maleme a bona a omeletse ke lenyora, ‘na Morena, ke tla ba utloa, ‘na Molimo oa Israele, nke ke ka ba lahla.

Ke tla phunya linoka lihlabeng tse lehoatata, le liliba har’a liphula; ke fetole lefeella mekhoabo, le lefatše le omeletseng e be liliba tsa metsi.

Feelleng ke tla lema sefate sa kedare le sa leoka, sa mirte le sa mohloare: lehoatateng ke leme sefate sa junipera, e mele ‘moho le phaena le ciprese, e le hore batho ba bone ‘me ba tsebe, ba elelloe ‘me ba utloisise hore ke letsoho la Morena le entseng tsena, ke Ea halalelang oa Israele ea li bopileng.

PESALEMA 144

MORENA O MOHAU, O MOSA, O LIEHA HO HALEFA, O MEHAUHELO E MENGATA.

Ke tla u phafa, Molimo oa ka, uena khosi,

ke boke lebitso la hau kamehla le mehla.

Morena o molemo ho bohle,

o hauhela mesebetsi eohle ea hae.

MORENA O MOHAU, O MOSA, O LIEHA HO HALEFA, O MEHAUHELO E MENGATA.

Morena, mesebetsi ea hau kaofela e ke e u lebohe,

metsoalle ea hau e ke e u boke.

E ke e phatlalatse tlotla ea puso ea hau,

e ke e bolele matla a hau.

MORENA O MOHAU, O MOSA, O LIEHA HO HALEFA, O MEHAUHELO E MENGATA.

ho tsebisa bana ba batho matla a hau,

letlotlo le botumo ba puso ea hau.

Morena o tšepahala lipolelong tsohle tsa hae,

o mohau liketsong tsohle tsa hae.

MORENA O MOHAU, O MOSA, O LIEHA HO HALEFA, O MEHAUHELO E MENGATA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (11:11-15)

“Ha ho e-s’o hlahe ea fetang Joannes Mohlatsoi ka boholo.”

Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele: Ruri kea le bolella, har’a ba tsoetsoeng ke basali ha ho e-s’o ka ho hlaha ea fetang Joannes Mohlatsoi ka boholo; athe e monyenyane ‘Musong oa maholimo o mo feta ka boholo.

‘Me ho tloha mehleng ea Joannes Mohlatsoi ho fihlela joale, ‘Muso oa maholimo o fumanoa ka ntoa, ‘me ke ba loanang ba o hapang. Efela baprofeta bohle ba profetile joalo, ‘moho le Molao, ho fihlela Joannes; ‘me ha le rata ho nkholoa, ke eena Elia ea tšoanetseng ho tla. Ea nang le litsebe a utloe!

Vinkmag ad

Read Previous

La 10 Tšitoe 2025

Read Next

La 12 Tšitoe 2025

Most Popular