Vinkmag ad

La 9 Tsitoe 2025

Beke ea 2 ea Advente

Labobeli

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (40:1-11)

“Molimo o tšelisa sechaba sa hae.”

Tšelisang le tšelise sechaba sa ka, ho rialo Molimo oa lona. Khothatsang Jerusalema, le mo hoeletse, le re: O tsoile kholehong, molato oa hae o lefiloe; letsoho la Molimo le se le mo otlile le ho feta tekanyo bakeng la libe tsohle tsa hae.

Lentsoe le hooa, le re: Lokisetsang Morena tsela feelleng, le otlollele Molimo oa rona ‘mila lehoatateng. Likhohlo tsohle li katoe, lithaba tsohle le maralla ‘ohle li heletsoe; meepa e fetoloe lithota, lilomo li ke liphula. Ke moo letlotlo la Morena le tla iponahatsa, ‘me batho bohle ba tla le bona; hobane molomo oa Morena o boletse joalo.

Lentsoe la re: “Hooa!” Ka araba, ka re: “Ke tla hooa life?” “E-re: Motho o ka joang, bophelo ba hae e ka ba palesa ea naha. Joang boa omella, palesa e’a pona, ha moea oa Molimo o fokela ho tsona; ehlile batho ke joang. Joang boa omella, palesa e’a pona; empa Lentsoe la Molimo oa rona le tla hlola kamehla.”

Hloella thabeng e phahameng, uena ea tlisetsang Sione taba tse monate: u phahamise lentsoe haholo, uena ea tlisetsang Jerusalema taba tse monate. Le phahamise, u se tšabe, u bolelle metse ea Juda, u re: Molimo oa lona ke eo!

Ke eo Morena Molimo: O tla ka matla a hae, letsoho la hae le busa tsohle. Ke eo a e-tla ka khapo ea hae, le eona thepa ea hae e mo eteletse pele. Joaloka molisa o alosa linku tsa hae, o li phutha ka letsoho la hae, o sika likonyana sefubeng sa hae; tse anyesang o li qeka butle.

PESALEMA 95

MOLIMO OA RONA KE EO! O TLA KA MATLA A HAE.

Binelang Morena sefela se secha,

binelang Morena, lona mafatše ‘ohle,

Binelang Morena, le boke lebitso la hae,

tumisang pholoho ea hae ka matsatsi ‘ohle.

MOLIMO OA RONA KE EO! O TLA KA MATLA A HAE.

Le bolele letlotlo la hae har’a lichaba,

le mesebetsi e tsotehang ea hae har’a merabe eohle.

Bolellang lichaba, le re: “Morena ke khosi!”

O ahlola lichaba ho se leeme.

MOLIMO OA RONA KE EO! O TLA KA MATLA A HAE.

Maholimo a ke a thabe

le lefatše le nyakalle.

Leoatle le ke le rore,

‘moho le tsohle tse ka ho lona.

Masimo a ke a nyakalle,

le tsohle tse ho ‘ona.

MOLIMO OA RONA KE EO! O TLA KA MATLA A HAE.

Lifate tsohle tsa meru li etse litlatse tsa thabo,

pel’a Morena, hobane o’a tla,

o tlil’o ahlola lefatše.

A ke a ahlole lefatše ka toka

le lichaba ka ‘nete ea hae.

MOLIMO OA RONA KE EO! O TLA KA MATLA A HAE.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (18:12-14)

“Molimo ha a batle hore ba eisehang ba lahlehe.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ana lona le bona joang na? Ha motho a e-na le linku tse lekholo ‘me e ‘ngoe ea tsona e ka lahleha, ana a ke ke a siea tse mashome a robileng mono o le mong a nang le metso e robileng mono o le mong lithabeng, a ea batla e lahlehileng?

‘Me ha ho ka etsahala hore a e fumane, ka ‘nete kea le bolella, o tla e thabela ho feta tse mashone a robileng mono o le mong a nang le metso e robileng mono o le mong tse sa kang tsa lahleha.

Ho joalo! Ha se thato ea Ntat’a lona ea Maholimong hore e mong oa ba banyenyane bana a timele.

Vinkmag ad

Read Previous

La 8 Tsitoe 2025

Read Next

La 10 Tšitoe 2025

Most Popular