Polasi e fanang ka litsebo tse khethehileng tsa tlhahiso ea lijo ho bacha e leng Boriba Farm, e tlilo tšoarela bacha ho hlaha literekeng tse 10 tsa naha thupelo ea libeke tse peli moo e tlang ho ba hlahlella ka litsebo tse kenyeletsang har’a tse ling ho itlhahisetsa lijo e leng temo ea boemo bo holimo, paballo le poloko ea lijo, litaba tsa khoebo, boitšoaro bo botle le boithapollo. Thupelo ena e tlilo tšoareloa Boribeng Seterekeng sa Leribe ka la 10 ho isa la 20 Tšitoe 2025.
Puisanong le e mong oa bahlophisi ba thupelo ena Monghali Ntšekhe Tlaba o itse joalokaha e le lekhetlo la bobeli ba tšoara thupelo ea mofuta ona ba qala pele ka ho tšoarela batsoali liphutheho e le ho ba bontša bohlokoa ba mosebetsi oo ba o etsang, le ho ba kopa hore ba lokolle bacha ho tla likoetlisong tsa mofuta ona kaha li le bohlokoa haholo bophelong ba bona.
A bontša hore Boriba Farm e sebetsa haholo ka ho hlahisa lijo, poloko ea lijo, le ho li hlophela ho ea ‘marakeng sebakeng sa thekiso. “Boriba e hlahisa meroho ka mefuta e kang kabeche, ‘beeroot,’ chillis le e meng e mengata. E boetse e hlahisa liperekisi le ‘strawberry.’ Ka mefuta ena e fapakaneng ea lihlahisoa tsa rona re hlahisa ‘source’ le jeme.” A rialo.
A supa hore selemo le selemo nakong eo likolo li koetsoeng ba fana ka lithupelo ho bacha ba nang le lerato la ho etsa mosebetsi oa matsoho. “Re na le ntho e bitsoang Farm Camp eo re e tšoarelang bacha bohle ba Naha ea Lesotho lithupelo. Ha se bacha ba Leribe mona feela empa re buletse bohle ba ka khahloang ke ho tla ithuta mosebetsi oa temo. Re ba rupela ka mahlale a khoebo, litaba tsa ho iphelisa, boitšoaro bo botle e leng moo re ntseng re leka ho otla motho e mocha.” O boletse joalo.
A re lithupelong tsena ba amohela bacha ba lilemo li 14 ho isa ho 24. A re morero o moholo oa bona ke ho thusa bacha ho tseba ho itlhahisetsa mesebetsi kaha ho bonahala matsatsing a morao tjena, karolo e kholo ea bacha e tobane le bothata ba tlhokahalo ea mesebetsi. Ka hona o bona e le bohlokoa hore bacha ba qale ho itlhahisetsa mesebetsi ka temo kaha e se na litšenyehelo tse ngata ha motho a qala khoebo ea temo.
A re tšehetso e kholo eo ba e hlokang ho sechaba ke hore se ba thuse ka litsebo e le hore mosebetsi oa bona o tle o tsebe ho atleha. “Ho na le bahoebi ba nang le litsebo tse fapakaneng tseo re hlokang hore ba tl’o re thusa ka tsona nakong ena ea lithupelo ho hlahlella bacha ka litsebo. Re hloka lithuso le litsebo tseo tsa bona.” A rialo a bile a qetella ka ho ipiletsa ho batsoali ho lokolla bacha ho tla ka bongata thupelong ena kaha mocha e mong le e mong kahare ho naha a amohetsoe hore a ka tla thupelo ena ea bohlokoa.
