Vinkmag ad

La 2 Tšitoe 2025

Beke ea 1 ea Advente

Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (11:1-10)

“Moea oa Morena o tla lula ho eena.”

Lehlomela le tla hlaha kutung ea Jesse, letlobo le hlomele metsong ea hae; Moea oa Morena o tla lula ho eena, moea oa bohlale le oa kutloisiso, moea oa keletso le oa matla, moea oa tsebo le oa tšabo ea Morena: o tla phela ka tšabo ea Morena.

A ke ke a ahlola ka ho ea ka tšobotsi, leha e le ho liha nyeoe ka ho mamela bo-ba-re; empa o tla ahlolela bahloki ka toka, a lihe nyeoe ka họ emela ba eisehang ba naha ea hae.

Lentsoe la hae e tla ba molamu o otlang ba sehloho, pululo ea molomo oa hae e tla bolaea ba khopo. Toka e tla ba leqhama la letheka la hae, ‘nete e be eona senyepa sa hae,

Lekanyane le konyana li tla lulisana, lengau le bothe le potsanyane, namane le taoana li hole ‘moho, li khannoe ke ngoana e monyenyane, Khomo le bere li tla fula ‘moho, namane le lelinyane la tsona li bothe ‘moho; tau e tla fula joang joaloka khomo. Lesea le tla ipapalla mokoting oa masumu, ngoana a kenye letsoho lefarung la marabe.

Ha ho sa tla ba le kotsi leha e le tšenyo kahohle thabeng e halalelang ea ka, hobane naha eohle e tla apareloa ke tsebo ea Morena, joalokaha metsi a tlala leoatle.

Mohlang oo, ea tsoileng kutung ea Jesse o tla behoa e le folakha ea lichaba: lichaba li tla mo batla, moo a ahileng teng e tla ba sebaka se tummeng.

PESALEMA 71

TŠIUNG TSA HAE TOKA E TLA ATA, LE KHOTSO EA ‘NETE HO ISA MENGOAHENG EA MENGOAHA.

Oho Molimo, ak’u nehe khosi matla a hau a ho ahlola,

ho mora oa khosi toka ea hau,

a tle a ahlole sechaba sa hau ka toka,

le mafutsana a hau ntle le leeme.

TŠIUNG TSA HAE TOKA E TLA ATA, LE KHOTSO EA ‘NETE HO ISA MENGOAHENG EA MENGOAHA.

Tšiung tsa hae toka e tla ata,

le khotso ea ‘nete ho fihlela khoeli e fella ruri.

O tla rena ho tloha leoatleng le leng

ho ea kena ho le leng.

le ho tloha Nokeng ho isa lipheletsong tsa lefatše.

TŠIUNG TSA HAE TOKA E TLA ATA, LE KHOTSO EA ‘NETE HO ISA MENGOAHENG EA MENGOAHA.

Hobane o tla pholosa mohloki ea llang,

le mohlophehi ea se nang mothusi.

O tla utloela mofokoli le mohloki bohloko,

‘me a pholose bophelo ba mafutsana.

TŠIUNG TSA HAE TOKA E TLA ATA, LE KHOTSO EA ‘NETE HO ISA MENGOAHENG EA MENGOAHA.

Lebitso la hae le se ke la lebaloa ho isa khale,

le ‘ne le hopoloe ha feela letsatsi le ntse le chaba.

Merabe eohle ea lefatše e tla hlohonolofala ka eena,

lichaba tsohle li tla ‘mitsa ea lehlohonolo.

TŠIUNG TSA HAE TOKA E TLA ATA, LE KHOTSO EA ‘NETE HO ISA MENGOAHENG EA MENGOAHA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (10:21-24)

“Jesu a nyakalla ho Moea o Halalelang.”

Nakong eo, Jesu a nyakalla ho Moea o Halalelang, ‘me a re: Kea u tlotlisa, Ntate, Morena oa leholimo le oa lefatše, ha u patetse ba bohlale le ba seli litaba tseo ‘me u li senoletse ba banyenyane. Ahe, Ntate hobane u khahliloe joalo. Ke nehiloe tsohle ke Ntate, ‘me ha ho ea tsebang na Mora ke mang, ha e se Ntate, le hore na Ntate ke mang, ha e se Mora le eo Mora a tla rata ho mọ senolela eena.

‘Me Jesu a retelehela ho barutuoa ba hae, a re: Ho lehlohonolo mahlo a bonang seo le se bonang! Hobane ke re ho lona, baprofeta le marena a mangata a ratile ho bona tseo le li bonang, ‘me h’a ka a li bona, le ho utloa tseo le li utloang ‘me h’a ka a li utloa!

Vinkmag ad

Read Previous

La 1 Tšitoe 2025

Read Next

La 3 Tšitoe 2025

Most Popular