Beke ea 31 har’a selemo
Labohlano
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (15:14-21)
“Ke mohlanka oa Kriste Jesu har’a balichaba, e le hore bahetene ba tle ba fetohe nyehelo e amohelehang.”
Ha e le ‘na, bana b’eso, ke tseba ka ‘nete hore le tletse maikutlo a matle, le tletse tsebo eohle, le na le matla a ho eletsana ke hona. Ka nqa e ‘ngoe ke le ngoletse ka thatanyana, ka mokhoa oa ho le hopotsa litaba, hobane ka mohau oo ke o etselitsoeng ke Molimo, ke mohlanka oa Kriste Jesu har’a balichaba. Ke phetha seo e leng sa boprista ba Evangeli ea Molimo, hore bahetene ba tle ba fetohe nyehelo e amohelehang, e halalelitsoeng ke Moea o Halalelang.
Ka baka leo, ho Kriste Jesu, nka ithorisa ka tšebeletso ena ea Molimo. Ke tla ba sebete ho bua feela ka tseo Kriste a li entseng ka ‘na hore bahetene ba mamele Moimo, ka polelo le ka mesebetsi, ka matla a lipontšo le limakatso, ho phatlalatsa Evangeli kahohle, ho tloha Jerusalema ka ho potoloha ho ea fihla Illiria.
Seo ke se thahasellang ke ho tlisa molaetsa oa taba tse monate moo lebitso la Kriste le e-s’o tsejoe teng. E se re mohlomong ka aha holim’a motheho oa e mong. Empa kamoo Mangolo a bolelang kateng: Ba neng ba e-s’o tsebisoe letho ka eena ba tla bona, le ba neng ba e-s’o utloe ka eena ba tla utloisisa.
PESALEMA 97
MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.
Binelang Morena sefela se secha,
hobane o entse tse tsotehang.
O hlotse ka seatla sa hae,
ka letsoho le halalelang la hae.
MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.
Morena o bontšitse pholoho ea hae,
o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.
O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae
bakeng la ntlo ea Israele.
MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.
Liqola tsohle tsa lefatše
li bone pholoho ea Morena oa rona.
Lona mafatše ‘ohle, etsetsang Morena litlatse,
hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.
MORENA O BONAHALITSE PHOLOHO EA HAE MAHLONG A LICHABA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (16:1-8)
“Bana ba lefatše lena ba masene ho feta bana ba leseli.”
Ka nako eo, Jesu a bolella barutuoa ba hae papiso ena: Ho n’o le teng motho e mong oa morui, ea neng a e-na le molisa oa lintho tsa hae; ‘me eo a qosoa ho eena ka hore o sentse leruo la hae. A ‘mitsa, a re ho eena: Ke’ng sena seo ke se utloang ka uena na? Hlahisa tsa bolisa ba hau, hobane ha u sa tla ba molisa oa lintho tsa ka.
Molisa a re ka ho eena: Ke tla etsa joang, ha e le mona moren’a ka a nkamoha bolisa? Ho phethola mobu? Ha ke na matla a lekaneng. Ho kopa? Ke lihlong ho etsa joalo. Be! Ke tseba seo ke tla se etsa, hore ha ke se ke tlositsoe boliseng, batho ba nkamohele matlong a bona.
Eaba o bitsa ba nang le molato ho mong’a hae ka bonngoe, ‘me a re ho oa pele: Ana u na le molato oa bokae ho mong’a ka na? Eena a re: Linkho tse lekholo tsa oli. Eaba o re ho eena: Nka lengolo la molato, lula fatše kapele, u ngole mashome a mahlano. A nt’o re ho e mong: Uena, u na le molato oa bokae na? Eo a re: Mekotla e lekholo ea koro. ‘Me a re ho eena: Nka lengolo la hau ‘me u ngole mashome a robeli.
Mong’a molisa eo ea khopo a mo rorisa, hobane o n’a entse ka masene, kaha bana ba lefatše lena ba masene ho feta bana ba leseli.
