Vinkmag ad

La 6 Pulungoana 2025

Sehopotso sa Bahalaleli bohle ba Afrika.

Beke ea 31 har’a selemo

Labone

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma (14:7-12)

“Leha re phela, leha re e-shoa, re ba Molimo.”

Bana beso! Ha ho e mong har’a lona ea iphelelang, ha ho e mong ea ichoelang; empa leha re phela, re phelela Morena, leha re e-shoa re shoela Morena. Ka baka leo, leha re phela, leha re e-shoa re ba Morena. Ke ka baka leo Kriste a shoeleng, a ba a tsoha, e le hore e be eena Morena oa ba shoeleng le oa ba phelang.

Empa uena ke ka baka la’ng u ahlolang ngoan’eno? Kapa uena u nyelisetsa’ng ngoan’eno? Athe, bohle re tla ema pel’a setulo sa kahlolo ea Kriste. Hobane ho ngoliloe: “Ruri joalokaha ke phela,” ho rialo Morena, “mangole ‘ohle a tla nkhumamela, ‘me maleme ‘ohle a tla tlotlisa Molimo.” Ka baka leo, e mong le e mong oa rona o tla ikarabella ho Molimo.

PESALEMA 26

KE KHOLOA RURI HORE KE TLA BONA MOLEMO OA MORENA LEFATšENG LA BA PHELANG.

Morena ke leseli la ka le pholoho ea ka,

nka tšaba mang?

Morena ke tšireletso ea bophelo ba ka,

nka tšosoa ke mang?

KE KHOLOA RURI HORE KE TLA BONA MOLEMO OA MORENA LEFATšENG LA BA PHELANG.

Seo feela ke se kopang ho Morena,

seo ke se laba-labelang,

ke ho lula tlung ea Morena

matsatsi ‘ohle a bophelo ba ka,

hore ke tle ke bohe botle ba Morena,

‘me ke ‘matle tempeleng e halalelang ea hae.

KE KHOLOA RURI HORE KE TLA BONA MOLEMO OA MORENA LEFATšENG LA BA PHELANG.

Ke kholoa ruri hore ke tla bona molemo oa Morena

lefatšeng la ba phelang.

Tšepa Morena, u tšoare u tiee;

beta pelo, u tšepe Morena.

KE KHOLOA RURI HORE KE TLA BONA MOLEMO OA MORENA LEFATšENG LA BA PHELANG.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (15:1-10)

“Thabo e tla ba teng leholimong ka moetsalibe a le mong ea bakang.”

Ka nako eo, bakhafisi bohle le baetsalibe ba ne ba e-tla ho Jesu ho mo mamela. Bafarisi le bangoli ba ne ba koma-koma; ba re: Enoa o amohela baetsalibe, ‘me o ja le bona. Eaba o ba bolella papiso ena, a re:

Motho ke ofe oa lona ea nang le linku tse lekholo, eo e ka reng ha a lahlehetsoe ke e ‘ngoe ea tsona, a ke keng a siea tse mashome a robong a metso e robong felleng, ‘me a ea batla e lahlehileng, ho fihlela a ba a e fumana na? ‘Me ha a s’a e fumane, a e jara mahetleng a thabile; ‘me ha a fihla ha hae, a phuthe metsoalle le baahisane, a re ho bona: Nthabiseng, hobane ke fumane nku ea ka e neng e lahlehile.

Ke re ho lona: le ka mokhoa o joalo, thabo e tla ba teng leholimong ka moetsalibe a le mong ea bakang, ho feta e bang teng ka ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng ho baka.

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 Pulungoana 2025

Read Next

La 7 Pulungoana 2025

Most Popular