Vinkmag ad

La 22 Mphalane 2025

Beke ea 29 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (6:12-18)

“Le inehele Molimo le le joaloka batho ba tsohileng bafung.”

Bana beso! Sebe se se ke sa busa ‘meleng o shoang oa lona, ka ho etsa hore le mamele litakatso tsa oona. Hape le se nehele litho tsa lona sebeng ho ba lihlomo tsa bokhopo, le mpe le inehele Molimo le le joaloka batho ba tsohileng bafung ‘me ba phelang, ‘me le nehele Molimo litho tsa lona ho ba lihlomo tsa ho loka. Hobane sebe ha se sa tla le busa, kaha ha le sa le tlas’a Molao, empa le tlas’a mohau oa Molimo.

Joale ke’ng? Na re tla etsa sebe hobane ha re sa le tlas’a Molao empa re tlas’a mohau? Che, ho sẹ be joalo. Na ha le tsebe hore, ha le ipeha makhoba a motho hore le mo mamele, le fela le le makhoba a mong’a lona eo le mo mamelang, leha e le a sebe a le isang lefung, kapa a mamelo a isang ho lokeng?

Empa ho bokoe Molimo! Pele le ne le le makhoba a sebe, empa la mamela, ka lipelo tsohle tsa lona, linnete tsa thuto eo le e nehiloeng. Joale ha le se le lokolotsoe sebeng, le entsoe makhoba a toka.

PESALEMA 123

THUSO EA RONA E LEBITSONG LA MORENA.

Hoja Morena a sa ka a ema le rona,

ha batho ba re tsohela matla,

ba ka be ba re koentse tala,

ha khalefo ea bona e re tloketse.

THUSO EA RONA E LEBITSONG LA MORENA.

Liphororo li ka be li re hohotse,

metsi a re khamme,

re ka be re khanngoe ke metsi a likhohola.

Ho rorisoe Morena,

ea sa kang a re lesa menong a bona joaloka sefifi.

THUSO EA RONA E LEBITSONG LA MORENA.

Re phonyohile joaloka nonyana lerabeng la sechehi;

leraba la khaoha, ra phonyoha.

Thuso ea rona e lebitsong la Morena,

ea entseng leholimo le lefatše.

THUSO EA RONA E LEBITSONG LA MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (12:39-48)

“Mang le mang ea filoeng haholo, ho tla batloa haholo ho eena.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Le mpe le utloisise hore, ha eba mong’a ntlo a ne a ka tseba nako eo lesholu le ka tlang ka eona, o n’a ke ke a lumella hore ntlo ea hae e qhaqhoe. Le lona le hle le itokisetse, hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e lebellang.

[Peterosi a re ho Jesu: Morena, papiso eo u e bolella rona kapa bohle na? Morena a araba, a re: Ke mang molisa ea tšepahalang ‘me ea seli, eo morena a ‘mehileng holim’a ba ntlo ea hae, hore a ba fe tekanyo ea koro ka nako e tšoanelang? Ho lehlohonolo mohlanka eo, etlare ha mong’a hae a fihla, a mo fumane a etsa joalo. Ruri kea le bolella, u tla ‘meha moalosi oa lintho tsohle tsa hae.

Empa ha mohlanka eo a ka re ka pelong ea hae: Mong’a ka o lieha ho fihla, ‘me a qala ho otla bahlanka le makhabunyane, le ho ja le ho noa le ho tahoa, joale mong’a mohlanka eo o tla khutla ka letsatsi leo mohlanka a sa mo lebellang ka lona, le ka nako eo a sa e tsebeng, ‘me o tla mo khaohanya le ba bang, a be le kabelo le ba hlokileng botšepehi.

Mohlanka eo ea tsebileng thato ea mong’a hae, empa a sa ka a mo lokisetsa ‘me a sa ka a etsa ka thato ea hae, o tla otloa lithupa tse ngata. Athe ea etsang tse tšoanelang kotlo, a sa tsebe, o tla otloa lithupa tse seng kae. Mang le mang ea filoeng haholo, ho tla batloa haholo ho eena; ‘me ea filoeng ho alosa tse ngata o tla botsoa haholo.]

Vinkmag ad

Read Previous

La 21 Mphalane 2025

Read Next

La 23 Mphalane 2025

Most Popular