Vinkmag ad

TK o shapa pere

Tona-Kholo Samuel Matekane o re se ka sehlohlolong litabeng tsena tsa khokelo ea motlakase metseng le metsaneng ea Naha ea Lesotho ke ho ntlafatsa bophelo ba sechaba sa Basotho, ‘me chebelo-pele ea ‘muso oa habo ke ho bona hore Mosotho ka mong ka selemo sa 2030 a be a e-na le motlakase. O buile tsena ketekelong ea nehelano ea phepelo ea motlakase e bileng motseng oa Mohlakeng, Thaba-Tseka ka la 17 Mphalane 2025.

O beleletse sechaba se neng se phuthehile ka bongata ketekelong ena hore ‘muso oa habo o ipehetse hore ka selemo sa 2030, Naha ea Lesotho kaofela ntlo ka ‘ngoe e be e khantša ka motlakase. “Re shapa pere e le hore ho tle ho tsebe ho ba joalo.” A rialo. A re khokelo ea motlakase ha e sa hlola e lefelloa ho hang kaha ‘muso o tla lefella litefiso tsohle; athe theko ea motlakase eona e tla lefelloa ke motho ka mong.

A re morero ona o hoketse malapa a 421 a metse ea Moreneng, Ha Poli, ha Ralibureng, Thotaneng, Thoteng le Ha Motsoloane, ‘me ke Basotho ba 4,446 ba tlang ho sebeletsoa ke morero kahar’a Setereke sa Thaba-Tseka. A re khokelo ena ke mohato o moholo oa katleho e kholo le ho tiisa boitlamo ba ‘muso ba ho ntlafatsa bophelo ba Mosotho ka mong. A ipiletsa ho sechaba sohle ho boloka le ho baballa thepa ena kaha e le molemong oa bona.

A qetella ka ho leboha Banka e Kholo ea Lefatše ka tšehetso ea eona katlehisong ea morero ona le Kampani ea Likhokahanyo tsa Mehala ea Econet-Lesotho ka litora le balekane bohle ba bona ba kentseng letsoho ho atlehisa morero ona.

Lebitsong la ba hoketsoeng motlakase, Mofumahatsana Paballo Litelu o itse o ikutloa a thabile haholo kaha motlakase ona o tl’o tlisa phetoho e kholo bophelong ba lelapa labo. A re ka lebaka la ona o rerile ho atolosa khoebo ea hae le ho tla o rekisa. A leboha bohle le ‘muso ka lintlafatso tsena tseo o ntseng o li etsetsa sechaba sa habo, ‘me a o kopa ho tsoelapele ka mesebetsi ena e metle ea ntlafatso. Ho sa le joalo, Tona-Kholo o boetse a nehelana ka Setsi se Ntlafalitsoeng sa Poloko ea Liente toropong ea Thaba-Tseka, se reretsoeng ho boloka liente molemong oa ho thusa Litsi tsa Bophelo, ho thusa bahoebi le sechaba ka kakaretso. O boetse a nehelana le ho khakola litora tse ‘ne ka tšehetso ea Econet-Lesotho tse tlil’o thusa sechaba sa metse ea Ha ‘Matau, Mantšonyane, Mashai, sehong-hong, Matebeng, Patisi le Linakaneng. A qetella ka ho nehelana ka matlo a leshome a ileng a ahoa bocha kamor’a ho nkoa ke leholuotsoana hona Seterekeng sa Thaba-Tseka.

Vinkmag ad

Read Previous

La 18 Mphalane 2025

Read Next

La 20 Mphalane 2025

Most Popular