Beke ea 28 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Roma. (1:1-7)
“Ke eena Kriste, eo ka eena re amohetseng grasia le boapostola hore re hapelle lichaba tsohle mamelong ea tumelo.”
Paulosi, mohlanka oa Jesu Kriste, ea bilelitsoeng ho ba moapostola, ea khethetsoeng Evangeli ea Molimo, eo a neng a e balle batho ka baprofeta ba hae Mangolong a Halalelang. Evangeli eo e amana le Mora oa hae, eo ka botho a tsoileng lelokong la Davida.
Empa ka ho ea ka moea oa khalaletso, o ile a behoa tulong tsa hae tsa Mora oa Molimo ka tsoho ea hae bafung. Ke eena Jesu Kriste Morena oa rona, eo ka eena re amohetseng grasia le boapostola, hore re hapelle lichaba tsohle mamelong ea tumelo tlotlisong ea lebitso la hae, ‘me le lona le baloa har’a tsona, lona ba bitsitsoeng ke Jesu Kriste.
Ho bohle ba leng Roma, baratuoa ba Molimo, ba bitsoang bahalaleli: Grasia e be ho lona, khotso e tsoang ho Molimo Ntat’a rona le ho Morena Jesu Kriste.
PESALEMA 97
MORENA O BONTŠITSE PHOLOHO EA HAE.
Binelang Morena sefela se secha,
hobane o entse tse tsotehang.
O hlotse ka seatla sa hae,
ka letsoho le halalelang la hae.
MORENA O BONTŠITSE PHOLOHO EA HAE.
Morena o bontšitse pholoho ea hae,
o bonahalitse toka ea hae mahlong a lichaba.
O ikhopolitse mohau le botšepehi ba hae
bakeng la ntlo ea Israele.
MORENA O BONTŠITSE PHOLOHO EA HAE.
Liqola tsohle tsa lefatše
li bone pholoho ea Morena oa rona.
Lona mafatše ‘ohle, etsetsang Morena litlatse,
hlasimolohang ke thabo, le mo roke ka lifela.
MORENA O BONTŠITSE PHOLOHO EA HAE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (11:29-32)
“Moloko ona o ke ke oa nehoa pontšo, ha e se pontšo ea Jonase.”
Ka nako eo, ha matšoele a mathela ho Jesu, a qala ho bua, a re: Moloko ona ke moloko o mobe; o batla pontšo, empa o ke ke oa e nehoa, ha e se pontšo ea Jonase. Hobane joalokahạ Jonase e bile pontšo ho ba Ninive, le eena Mor’a motho e tla ba eona ho moloko ona.
Mohla kahlolo Mofumahali oa Boroa o tla qosana le batho ba moloko ona, ‘me o tla ba tsoa; ka hobane o ne a tlohe pheletsong ea lefatše ho tla mamela bohlale ba Salomone, empa ho teng mona ea fetang Salomone.
Mohla kahlolo batho ba Ninive ba tla qosana le moloko ona, ‘me ba tla o tsoa; ka hobane ba ile ba baka ka baka la thuto ea Jonase, empa ho teng mona ea fetang Jonase.
