Vinkmag ad

La 7 Mphalane 2025

Sehopotso sa Maria Movirigo ea Lehlohonolo, Mofumahali oa Rosari.

Beke ea 27 har’a selemo

Labobeli

 Ho baloa Bukeng ea Bobeli ea Samuele. (7:1-5.8-11.16)

“Borena ba Davida bo tla tiea pel’a Morena kamehla.”

Ha khosi Davida a se a iphelela tlung ea hae, hoba Morena a mo fe bolulo ba khotso ka ho fenya lira tsohle tse mo pota-potileng, a re ho moprofeta Nathane: Ak’u bone hle, ‘na ke phela tlung ea lifate tsa kedare, athe areka ea Molimo e lutse tenteng feela. Nathane a re ho khosi: E-ea, u etse kamoo u ka bonang kateng, hobane Morena o na le uena.

Bosiung bona boo, lentsoe la Morena la fihlela Nathane, la re: Tsamaea, u bolelle mohlanka oa ka Davida, u re: Ke sena seo Morena a se bolelang:

Na ke uena ea tla nkhahela ntlo eo ke tla lula ho eona? Ke ne ke u late meraka, linkung, ho tla u beha motsamaisi oa sechaba sa ka sa Israele. Ke ile ka ba le uena hohle moo u tsamaileng teng, ‘me ka timetsa lira tsohle pel’a hau. Ke tla tumisa lebitso la hau, le be leholo joaloka mabitso a ba baholo ba lefatše.

Ke tla khethela sechaba sa ka sa Israele sebaka; ke tla se hloma teng, se tle se lule qalong eona eɔ, se se ke sa hlola se tsukutloa ke letho, le ba khopo ba se phete ba se tuba joaloka pele.

Ho tloha ha ke beha baahloli holim’a sechaba sa ka sa Israele, ke uena eo ke mo fileng bolulo ba khotso ka ho fenya lira tsohle tsa hau. Ke moo Morena a u tsebisang hore eena ka sebele o tla u hlomela ntlo: ntlo ea hau le borena ba hau li tla tiea pel’a ka kamehla: terone ea hau e tla ema kamehla.

PESALEMA 112

HO BOKOE LEBITSO LA MORENA KAMEHLA.

Lona bahlanka ba Morena, rorisang,

rorisang lebitso la Morena.

Ho bokoe lebitso la Morena,

ho tloha joale ho isa khale.

HO BOKOE LEBITSO LA MORENA KAMEHLA.

Ho tloha Bochabela ho isa Bophirima,

ho rorisoe lebitso la Morena.

Morena ke eena ea phahametseng lichaba tsohle,

letlotlo la hae le feta maholimo.

Ke mang ea joaloka Morena Molimo oa rona

ea lulang holimo-limo

ea inamang ho sheba maholimo le lefatše,

HO BOKOE LEBITSO LA MORENA KAMEHLA.

ea ntšang mofutsana litholeng,

ea nyollang mohloki thotobolong,

ho mo beha har’a mahosana,

le mahosana a sechaba sa hae?

HO BOKOE LEBITSO LA MORENA KAMEHLA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (1:26-38)

“Bona, u tla emola popelong, u belehe mora.”

Khoeling ea botšelela, lenyeloi Gabriele la romeloa ke Molimo motseng oa Galilea o bitsoang Nazaretha, ho Movirigo ea neng a qetsoe ke monna ea bitsoang Josefa, oa ntlo ea Davida. Lebitso la Movirigo e ne e le Maria.

Lenyeloi la fihla ho eena, la re: Ahe, ea tlotliloeng haholo, Morena o na le uena; u lehlohonolo har’a basali. A ferekanngoa ke lentsoe lena, ‘me a ipotsa hore na tumeliso ena e bolela’ng.

Eaba lenyeloi le re ho eena: Se tšohe Maria, hobane u fumane mohau ho Molimo. Bona, u tla emola popelong, u belehe mora, ‘me u tla mo reha lebitso la Jesu. O tla ba moholo, a bitsoe Mora oa Ea holimo-limo. Morena Molimo o tla mo neha terone ea Davida ntat’ae; o tla rena holim’a ntlo ea Jakobo ka bosafeleng, ‘me borena ba hae ha bo ka ke ba e-ba le bofelo.

Maria a re ho lenyeloi: Hoo ho tla etsahala joang, ha e le moo ke sa tsebe monna? Lenyeloi la araba, la re ho eena: Moea o halalelang o tla theohela ho uena, ‘me matla a Ea holimo-limo a tla u haeletsa. Ka baka leo Ea halalelang ea tla belehuoa ke uena o tla bitsoa Mora oa Molimo. Le eena Elisabetha, mohaeno, o emotse mora botsofaling ba hae, ‘me ena ke khoeli ea botšelela ho eo ea neng a bitsoa nyopa: hobane ha ho letho le ka sitang Molimo.

Ke ha Maria a re: Ke ‘na enoa lekhabunyane la Morena: ha ho ke ho etsoe ho ‘na ka ho ea ka polelo ea hau. ‘Me lenyeloi la mo siea.

Vinkmag ad

Read Previous

La 6 Mphalane 2025

Read Next

La 8 Mphalane 2025

Most Popular