Vinkmag ad

La 4 Mphalane 2025

Sehopotso sa Francis ea Halalelang oa Assisi.

Beke ea 26 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Galata. (6:14-18)

“Ke jere maqeba a Morena Jesu ‘meleng oa ka.”

Bana beso! Ho hang ha ke lokele ho ithorisa ka letho, ha e se ka sefapano sa Morena oa rona Jesu Kriste, seo ka baka la sona lefatše le thakhisitsoeng ka nqeng ea ka, le ‘na ke thakhisitsoeng ka nqeng ea lona. Hobane ho Kriste Jesu lebollo kapa boqai ha se letho; hoo e leng taba ke ho ba sebopuoa se secha. Khotso le mohau li be ho bohle ba tlang ho latela molao ona le ho Israele oa Molimo. Ho tloha joale, ho se be motho ea ntšoenyang ka letho, hobane ke jere maqeba a Jesu ‘meleng oa ka. Mohau oa Morena oa rona Jesu Kriste o be le meea ea lona, bana beso. Amen!

PESALEMA 15

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ak’u mpaballe, oho Molimo,

hobane ke tšabela ho uena.

Ke itse ho Morena: Ke uena Moren’a ka.

Morena, ke uena lefa la ka le mohope oa ka,

ke uena ka sebele ea mpolokelang kabelo ea ka.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ke tla boka Morena, moeletsi oa ka;

le bosiu pelo ea ka e ntse e ntaea.

Ke ikemiselitse hore e be sa le

ke hopotse Morena kamehla;

ha Morena a le pel’a ka, nke ke ka oa.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

U tla mpontša tsela ea bophelo,

thabo e khaphatsehang e fumanoang ho eena,

le nyakallo e sa feleng,

e fuoang ba lulang pel’a hau.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (11:25-30)

“Le ithute ka ‘na hobane ke bonolo, ebile ke pelo e boikokobetso.”

Ka nako eo, Jesu a bua joana: Kea u leboha, Ntate, Morena oa leholimo le oa lefatše, hobane litaba tsena u li patetse ba bohlale le ba seli, ‘me u li senoletse bana. E, Ntate, hobane hona e bile boithatelo ba hau.

Tsohle ke li nehiloe ke Ntate. Ha ho ea tsebang Mora, ha e se Ntate; ‘me ha ho ea tsebang Ntate, ha e se Mora le eo Mora a ratang ho mo senolela eena.

Tlohong ho ‘na, lona bohle ba sebetsang ka thata, ba imetsoeng, ‘me ke tla le khatholla. Itjareleng joko ea ka, le ithute ka ‘na, hobane ke bonolo, ebile ke pelo e boikokobetso, ‘me le tla fumantša meea ea lona khatholoho. Ruri joko ea ka e monate, ‘me thoto ea ka e bobebe.

Vinkmag ad

Read Previous

Baithuti ba abeloa mangolo

Read Next

La 6 Mphalane 2025

Most Popular