Vinkmag ad

La 3 Mphalane 2025

Beke ea 26 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Baruke. (1:15-22)

“Re entse libe mahlong a Morena, ra hana ho mo utloa.”

Ho loka ke hoa Morena Molimo oa rona, athe ho apareloa ke lihlong, joaloka kajeno, ke hoa rona, ke hoa batho ba Juda le baahi ba Jerusalema, ke hoa marena a rona le mahosana a rona, baprista ba rona, baprofeta ba rona le hoa bo-ntat’a rona, hobane re entse libe mahlong a Morena, ra hana ho mo utloa, ‘me ra se ke ra mamela lentsoe la Morena Molimo oa rona, le ho latela melao ea Morena eo a re behetseng eona.

Ho tloha letsatsing leo ka lona Morena a ntšitseng bo-ntat’a rona lefatšeng la Egepeta, ho fihlela tsatsing lena, re hanne ho utloa Morena Molimo oa rona, ‘me re bile bohlasoa ka ho se mamele lentsoe la hae.

Ka hona litlokotsi, le lithohako tseo Morena a li boletseng ka mohlanka oa hae Moshe, nakong eo ka eona a ileng a ntša bo-ntat’a rona lefatšeng la Egepeta, ho re fa lefatše le kollang lebese le mahe a linotši li re khomaretse joalokaha ho nts’o le joalo le kajeno.

Ha rea ka ra mamela lentsoe la Morena Molimo oa rona, leha baprofeta bohle bao a ileng a re romella bona ba re rutile joalo. Empa e mong le e mong oa rona o itsamaetse ka ho ea ka khopolo ea pelo ea hae e sa lokang, a sebeletsa melimo e sele, ‘me a etsa bobe mahlong a Morena Molimo oa rona.

PESALEMA 78

U RE LOPOLLE, MORENA, ‘ME U RE TšOARELE LIBE TSA RONA KA BAKA LA LEBITSO LA HAU.

Molimo, lichaba li ikakhetse lefeng la hau,

li silafalitse tempele e halalelang ea hau,

li fetotse Jerusalema lesupi.

Li fepile linonyana tsa leholimo

ka litopo tsa bahlanka ba hau.

U RE LOPOLLE, MORENA, ‘ME U RE TšOARELE LIBE TSA RONA KA BAKA LA LEBITSO LA HAU.

Li tšolotse mali a bona joaloka metsi,

ka ‘nqa tsohle tsa Jerusalema, ho se ea ba epelang.

Morena, u tla halefa ho fihlela neng,

na poulelo ea hau e tla kekela

joaloka mollo ho-ea-ho-ile?

U RE LOPOLLE, MORENA, ‘ME U RE TšOARELE LIBE TSA RONA KA BAKA LA LEBITSO LA HAU.

Se re balle melato ea bo-ntat’a rona,

u mp’u potlakele ho re khahlametsa

ka mehauhelo ea hau,

hobane re kokobelitsoe hampe.

U RE LOPOLLE, MORENA, ‘ME U RE TšOARELE LIBE TSA RONA KA BAKA LA LEBITSO LA HAU.

Ak’u re thuse, Molimo, mopholosi oa rona,

ho tlotlisa lebitso la hau;

u re lopolle ‘me u re tšoarele libe tsa rona

ka baka la lebitso la hau.

U RE LOPOLLE, MORENA, ‘ME U RE TšOARELE LIBE TSA RONA KA BAKA LA LEBITSO LA HAU.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (10:13-16)

“Ea ‘nyelisang o nyelisa ea nthomileng.”

Ka nako eo, Jesu a re: Ho malimabe uena Korozine! Ho malimabe uena Bethsaida! Hobane hoja mehlolo e ileng ea etsahala har’a lona e ile ea etsoa Tire le Sidone batho ba teng ba ka be ba ile ba baka khale, ba lutse ba apere tse mahoashe ba itlotsitse ka molora. Empa mohla kahlolo, litaba tsa Tire le Sidone li tla ba bobebe hofeta tsa lona.

Le uena Kafarnauma, ebe u tla phahamisetsoa leholimong na? U tla tetebella liheleng.

Ea le utloang oa nkutloa, ea le nyelisang oa ‘nyelisa; ‘me ea ‘nyelisang o nyelisa ea nthomileng.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Mphalane 2025

Read Next

Baithuti ba abeloa mangolo

Most Popular