Sekolo sa Lithuto tsa Mahlale le Mesebetsi ea Matsoho sa Lerotholi Polytechnic, se tšoaile lilemo tse 120 se thehiloe, ka ho abela makoloane le litsoejane tse 934 mangolo a Diploma le Certificate moketeng oa likapeso oa bo-30, o bileng mabaleng a Sekolo sa Lerotholi, Maseru ka la 3 Mphalane monongoaha tlasa mohoo o reng: “Re keteka katleho.”
Puong ea hae Letona la Thuto le Koetliso Prof. Ntoi Rapapa o hlolositse hore ‘Muso oa Lesotho o tla lula o tšehetsa Sekolo sa Lerotholi ka linako tsohle kaha ba ithutile hore Lekhotla la Tsamaiso le teng hajoale le na le chebelo pele le tsamaiso e ntle. A etsa mohlala ka matšoao a tsamaiso e ntle a kang a ho ea meriting ha litlaleho tse bolutu tsa lipolao le litlhekefetso tse neng li etsetsoa baithuti ba bacha ke ba khale.
A re mohlala o mong o moholo o bontšang chebelo pele ea botsamaisi ba sekolo ke ho ba le setsi se seng sa Lerotholi mane Matsieng. “Ke khatelo-pele e kholo haholo ena, ‘me re ntse re lumela hore ho tla boetse ho e-ba le karolo e ‘ngoe e ka namelang libakeng tse ling kahar’a Naha ea Lesotho e le hore hohle moo ho fumanehang bana ebe Lerotholi e ka fumaneha.” A rialo. A re mosebetsi o mong o motle o etsoang ke Lerotholi ke ho sebetsa hantle le litsi tse ling tse kantle ho naha ho bona hore ho’a thusanoa bakeng sa ho anetsa thuto.
A re taba ea bohlokoa ke hore tšebetsong ea bona le batho ba kantle le kahare ho naha, ke tšebetso e ntle ea tsamaiso ea lichelete tsa sekolo le ho fana ka thuto ea boleng kaha sena se tla thusa sekolo ho hola haholo. A qetella ka ho leboha batsoali ka ho bona hore bana ba bona ba fumana thuto, e leng lefa leo ho seng motho ea ka ba tsekisang lona.
Mookameli oa Sekolo sa Lerotholi Prof. Spirit Tlali o itse morero o moholo oa sekolo ke ho tlisa liphetoho bophelong ba baithuti le ho sechaba ka kakaretso. A re ho latela koetliso eo ba faneng ka eona, ba na le tšepo e tiileng ea hore baithuti ba tlil’o beha sekolo ‘mapeng ka ho etsa mosebetsi o tsoileng matsoho hohle moo ba tlang ho etsa mesebetsi e fapakaneng. A re ka boitlhabo le boitelo ba baithuti mosebetsing oa bona, kajeno ba fapakane hole haholo leha ba ne ba qala ho fihla lilemong tse peli ho isa ho tse tharo tse fetileng kaha ba hlahlelletsoe ka litsebo tse tlang ho tlisa liphetoho bophelong ba bona le ba sechaba.
Lebitsong la baithuti, Mpolokeng Tšupane o qalile pele ka ho leboha bohle ba kentseng letsoho le toma ho atlehisa leeto la bona la thuto. A re joalokaha ho se tsela e bonolo leeto la bona ha le’a ka la e-ba bonolo kaha le bile le liqholotso tse ngata, empa ba ile ba atleha ho li hlola ka ho ba ngatananngoe. A re ka mangolo ao b’a fumaneng e tlil’o ba bona bahlahisi ba mesebetsi e le ho leka ho tlisa phetoho bophelong ba sechaba le ho bopa Lesotho le lecha le tlang ho tseba ho itlhahisetsa lihlahisoa tsa lona. “Re malala-a-laotsoe ho tlisa liphetoho bophelong ba batho.” Ke eena eo.
