Vinkmag ad

Likolo li keteka bochaba

Ho ile hoa lubeha, nonyana tsa lula batho mabaleng a Sekolo sa Mathomo sa Mazenod ka la 25 Loetse monongoaha, ha barutoana ba likolo tse robeli tsa Tikoloho ea Mazenod le litichere tsa bona, ba ne ba kopane ‘moho ho keteka bochaba ba Basotho.

Lijo tsa Sesotho tse kang motoho le lipabi e ne e le mantletse-tletse, athe banana le bashanyana ba likolo ba ne ba khabile ka meaparo ea Sesotho, ba le batle le ho ba motlotlo ho bontša bochaba ba bona. Haele lipina le metjeko ea Sesotho tsona e ne e le lelomolo. Bashanyana ba ne ba thoena sa limpshe, ba hobela, ba etsa ntlamo ka makhethe.

Banana bona melala ba e betsa sa kokolofitoe, ba khiba ba tlohetse papali. Kantle ho lipapali tsena tse monate tseo ho neng ho bonahala hore sekolo ka seng se ne se itokisitse ka makhethe a maholo, ho ne ho bile ho e-na le litšoantšiso tse qotsitsoeng ho tse ling tsa libuka tseo barutoana ba li balang sekolong e le ho matlafatsa lithuto tsa bona.

Puisanong le Molula-Setulo oa Komiti ea Bochaba Tikolohong ea Mazenod, Mofumahali ‘Malimpho Khaahloe o hlalositse hore sepheo sa mokete ona oa selemo le selemo ke ho etsa sekoele, e le hore bana ba Basotho ba ‘ne ba ikhopole hore na kholo ea ngoan’a Mosotho e tšoanetse hore e be joang, ka ho tlotlisa letsatsi lena ka moaparo oa rona re le Basotho le ka lipapali tsa Sesotho.

A re sekolo ka seng se boetse se phalletse ka mefuta e fapakaneng ea lijo tsa Sesotho. Mofumahali Khaahloe o itse bohlokoa bo boholo ba lipapali tsena ho bana ke hore ba tsebe seo e leng lipapali tsa bona tsa bochaba. “Ba tsebe ho li khetholla ho tsa merabe e meng. Hape re ee re bone bana ba phutholoha le ho thaba haholo ha ba bapala lipapali tsena.” A rialo.

A re ntlheng ea lithuto lipapali tsena ke kobo le lemao hobane kahare ho lenane la bona la thuto ho ntse ho rutoa ka mefuta ena ea lipapali tsa Sesotho, ‘me ha ba rutoa ka tsona ka lihlopheng ho se ho le bobebe ho ngoana ho tseba hantle hore na ke papali ea mofuta ofe le hore na e bapaloa joang, “hobane ba li etsa ka ‘nete.”

A re lipapali tsena e le litichere li ba tsoela molemo o moholo joalokaha ba sebetsana le bana, ‘me botle bo boholo ke hore bana ba thabe. “Tichere ha e bona bana ba thabile ke tlotla e kholo haholo ho eona. Joale re ee re bone hore thabo ea bona e kholo e kolla hona lipapaling mona. Le ngoana ea nang le liqholotso tse itseng o’a itebala h’a le kahar’a lipapali.” A rialo.

A qetella ka ho ipiletsa ho batsoali ho tšehetsa bana hobane litlhoko tse ngata tsa mekete ea mofuta ona li atlehisoa ke tšehetso ea bona. “Re kopa batsoali hore ba ba tšehetse hobane ruri ngoana ea thabileng o tseba ho ruteha habobebe, ‘me ba leke ho ema pel’a bona ka lintho tsohle tseo ba ka li hlokang. Re tla ba le sechaba se tsebang le ho nahana hantle ka lebaka feela la likelello tse pholileng.” Ke eena eo.     

Vinkmag ad

Read Previous

La 26 Loetse 2025

Read Next

La 27 Loetse 2025

Most Popular