Labotšelela
Beke ea 24 har’a selemo
Ho baloa Lengolong la Pele la Moapostola Paulosi ho Timothi. (6:13-16)
“U boloke molao, u se na letheba, ho fihlela ho tla ha Morena.”
Moratuoa! Pel’a Molimo ea phelisang tsohle, le pel’a Kriste Jesu, ea ileng a pakela ‘nete pel’a Ponso Pilato, ke u laela hore u boloke molao, u se na letheba, ho se moo u nyatsehang, ho fihlela ho tla ha Morena oa rona Jesu Kriste, eo nakong ea hae ea tlang ho bontša eo e leng eena ea lehlohonolo, ea matla, ea inotši, khosi ea likhosi le morena oa marena; eo e leng eena feela ea se nang ho shoa ‘me ea ahileng leseling le ke keng la fihleloa; eo ho seng motho ea kileng a ‘mona, kapa ea ka ‘monang. Ho eena e be hlompho le borena bo sa feleng. Amen.
PESALEMA 99
TLOHONG PEL’A MORENA KA MEHOO EA THABO.
Etsetsang Morena litlatse,
lona mafatše ‘ohle,
tlohong pel’a hae ka mehoo ea thabo,
sebeletsang Morena ka nyakallo.
TLOHONG PEL’A MORENA KA MEHOO EA THABO.
Tsebang hore Morena ke eena Molimo,
ke eena ea re entseng ‘me re ba hae;
re sechaba sa hae
le mohlape oa makhulo a hae.
TLOHONG PEL’A MORENA KA MEHOO EA THABO.
Kenang menyakong ea hae ka teboho,
le mabaleng a hae ka lithoko;
mo leboheng,
le boke lebitso la hae.
TLOHONG PEL’A MORENA KA MEHOO EA THABO.
Morena o molemo, mohau oa hae ke o sa feleng,
‘nete ea hae ke ea kamehla le mehla.
TLOHONG PEL’A MORENA KA MEHOO EA THABO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (8:4-15)
“Ho oetseng mobung o motle ke ba utloileng lentsoe ka lipelo tse ntle, tse lokileng, ba le boloka ‘me ba beha litholoana ka tiisetso.”
Ka nako eo, ha letšoele le leholo le ne le phutheha, ‘me batho ba tsoang metseng eohle ba ne ba leba ho Jesu, a bua ka papiso, a re:
Mojali o n’a tsoile ho ea jala peo ea hae. Ha a jala, peo e ‘ngoe ea oela pel’a tsela. Ea hatakeloa, ‘me linonyana tsa leholimo tsa e nokola. E ‘ngoe ea oela mokurutlaneng, ‘me eare e sa tsoa mela, ea omella ke ho hloka mongobo. E ‘ngoe ea oela har’a meutloa, ‘me meutloa ea mela hammoho le eona, ea e bipetsa. E ‘ngoe ea oela mobung o motle, ‘me ha e metse, ea beha halekholo. Eitse ha a boletse tseo, a hooa a re: Ea nang le litsebe tsa ho utloa, a utloe.
Barutuoa ba hae ba ile ba ‘motsa na papiso eo e re’ng. A re ho bona: Lona le nehiloe ho tseba liphiri tsa ‘Muso oa Molimo, empa ba bang ba li bolelloa ka lipapiso, e le hore, ha ba talima, ba se ke ba bona, ‘me ba utloa, ba se ke ba utloisisa. Joale seo papiso e se bolelang ke sena: Peo ke lentsoe la Molimo. Ba leng pel’a tsela ke ba utloang, empa kamorao diabolosi a tle, ‘me a tlose lentsoe lipelong tsa bona, esere mohlomong ba lumela ‘me ba pholosoa. Ba mokurutlaneng ke bao ereng ha ba utloa lentsoe, ba le amohele ka thabo. Empa bona ba hloka metso, ba lumela ka nako e seng kae, ‘me ka nako ea teko ba koenehe. Ho oetseng meutloeng ke ba utloileng, empa ha ba ntse ba e-ea, ba bipetsoa ke likhathatso, maruo le menyaka ea bophelo, ‘me litholoana tsa bona ha li butsoe. Ho oetseng mobung o motle ke ba utloileng lentsoe ka lipelo tse ntle, tse lokileng, ba le boloka ‘me ba beha litholoana ka tiisetso.
