Vinkmag ad

La 5 Loetse 2025

Labohlano

Beke ea 22 har’a selemo

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Kolosse. (1:15-20)

“Tsohle li bopiloe ka eena ‘me li bopetsoe eena.”

Ke eena Kriste e leng setšoantšo sa Molimo ea sa bonoeng, letsibolo la libopuoa tsohle, hobane ke ka ho eena tsohle li bopiloeng, maholimong le lefatšeng, tse bonoang le tse sa bonoeng, esita le Literone, Baokameli, Lihloho le Balaeli. Tsohle li bopiloe ka eena ‘me li bopetsoe eena. ‘Me eena o teng pele ho bohle, ‘me tsohle li hlolehile ka eena.

Ke eena hape Hloho ea ‘Mele, oo e leng Kereke. Ke eena qaleho, letsibolo la bafu, e tle e be eena oa pele linthong tsohle, hobane ho khahlile Molimo hore phetheho eohle e ahe ka ho eena, le hore a boelanye lintho tsohle ka eena lebakeng la hae, leha e le tse lefatšeng kapa tse maholimong, ka ho theha khotso ka mali a sefapano sa hae, ho Kriste, Morena oạ rona.

PESALEMA 99

TLOHONG PEL’A MORENA KA MEHOO EA THABO.

Etsetsang Morena litlatse,

lona mafatše ‘ohle,

tlohong pel’a hae ka mehoo ea thabo,

sebeletsang Morena ka nyakallo.

TLOHONG PEL’A MORENA KA MEHOO EA THABO.

Tsebang hore Morena ke eena Molimo,

ke eena ea re entseng ‘me re ba hae;

re sechaba sa hae

le mohlape oa makhulo a hae.

TLOHONG PEL’A MORENA KA MEHOO EA THABO.

Kenang menyakong ea hae ka teboho,

le mabaleng a hae ka lithoko;

mo leboheng,

le boke lebitso la hae.

TLOHONG PEL’A MORENA KA MEHOO EA THABO.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka. (5:33-39)

“Ha monyali a tla tlosoa ho bona, ke moo joale ba tla itima.”

Ka nako eo, Bafarisi le Bangoli ba re ho Jesu: Barutuoa ba Joannes ba itima lijo hangata, ba etsa lithapelo, le barutuoa ba Bafarisi ba etsa joalo; athe ba hau ba ea ja ‘me ba ea noa! A re ho bona: Na le ka etsa hore baetsana ba itime, ha monyali a nts’a e-na le bona? Empa matsatsi a tla tla, ao ka ‘ona monyali a tla tlosoa ho bona, ‘me ke moo joale ba tla itima matsatsing ao.

Hape a ba bolella papiso, a re: Ha ho motho ea keng a rokelle seaparong sa khale setsiba se tsoang seaparong se secha. Efela ha motho a ka etsa joalo, o tla tabola le sona seaparo se secha, ‘me setsiba se tsoang seaparong se secha se ke ke sa lumellana le sa khale. Le teng ha ho motho ea keng a tšele veine e ncha makukeng a khale. Ha motho a ka etsa joalo, veine e ncha e tla phatlola makuka, ebe veine ea tšoloha, le makuka a senyeha. Empa e ka khona veine e ncha e tšeloe makukeng a macha. ‘Me ha ho motho ea keng a batle veine e ncha, hoba a qete ho noa ea khale; hobane o re: E monate ke ea khale.

Vinkmag ad

Read Previous

La 4 Loetse 2025

Read Next

Ba arajoa ka ho panya ha ntši

Most Popular