Letona la Thuto, la Likhokahanyo le Moemeli oa UNDP Lesotho, ba ile ba potoloha le Likolo tse Phahameng tsa Kolo, Makaota le Tšakholo Seterekeng sa Mafeteng ka la 4 Loetse monongoaha ka sepheo sa ho hlahloba khatelo-pele e seng e fihletsoe ke morero o moholo oa ho rupela sechaba le bana ba likolo ka tšebeliso ea marang-rang.
Ke hona potolohong ena moo batho ba baholo le bacha ba seng ba sa kene sekolo, ba phethetseng mokhehlelo oa pele oa koetliso ea tšebeliso ea marang-rang a likomporo, ba ileng ba abeloa mangolo likolong tsena tse tharo.
H’a bua le sechaba le bana ba likolo, Letona la Thuto Prof. Ntoi Rapapa o boletse hore tšebelisano ‘moho lipakeng tsa likolo tsena tse tharo le sechaba ka tšebeliso ea marang-rang ke leeto le letle le ahang likamano tse mofuthu lipakeng tsa likolo le sechaba. “Sechaba le likolo e se e le ntho e le ‘ngoe, ‘me li lokela hore li baballane. Batsoali le bana ha ba tlile sekolong mona ba tlilo ithuta b’a tseba hore na ho sebetsoa joang.” A rialo.
A re se mo thabisitseng ka ho fetisisa ke hore Litsing tsa Koetliso ea Marang-rang a Likomporo tse teng likolong tsena tse tharo, ha li khethe li fana ka koetliso ho ba baholo le ba banyenyane le ba seng ba le kantle ho sekolo, “‘me e kholo haholo ke hore ha kea utloa ho buao ka litefiso sebakeng sa ho ithuta, ho thoe feela motho e mong le e mong atle koano sekolong, a tlil’o ithuta e le hore a tle a tsebe ho ba molemo ho eena le ho sechaba sa habo, re sa beha litefiso kapele morerong ona.”
A re likolo tsena e tlil’o ba mohlala o motle oa tšoaro ea thepa hantle le kamohelo e mofuthu ea batho ba tlil’o ithuta e le hore tsena tsohle li tle li tsebe ho fetela likolong tse ling, ba tseba hore litaba tsena li sebelitse hantle ka Maokoteng.
H’a tsoelapele a hlokomelisa barutoana hore ntho e kholo eo ba lokelang hore ba e tsebe ke hore lefatšeng mona, har’a mafa ao batsoali ba bona ba ba fang ona, ke thuto feela eo ho seng motho ea ka ba tsekisang eona. Ka hona ba sebelise monyetla oa ho kena sekolo hantle. “Bohloki ba lapeng bo se ke ba le ama haholo, empa ntho e tlamehang ho le ama ke hore bonyane le fuoe monyetla oa ho ba ka sekolong.” O boletse joalo a bile a tiisa hore taba ena e tla ba thusa haholo.
A qetella ka hore ngongoreho ea hae e kholo ke ho bona barutoana ha ba qeta ho phethela Likolong tsa Mathomo, lipalo tsa bona li theoha haholo ha ba fetela ho tse phahameng ka lebaka la bohloki bo teng kaha ba tlameha ho lefelloa lichelete tsa sekolo. A tiisa hore taba ena ba ntse ba e sheba ka botebo, ho bona hore na ba ka fumana mokhoa o mong o bobebe oa ho bona hore bana bohle ba kena sekolo kaha thuto e tlameha ho fuoa ngoana e mong le e mong.
Mohlomphehi Nthati Moorosi eo e leng Letona la Liphatlalatso, Likhokahanyo, Mahlale, Tšebeliso ea ona le Boqapi o qalile pele ka ho thoholetsa le ho leboha UNDP ka ho sebetsa ‘moho le bona ho ntlafatsa Naha ea Lesotho. A re ka mona ka likolong ba letšolong la ho bona hore sekolo ka seng kahar’a naha se ba le marang-rang a likomporo. A re le ha ho le joalo ha se mosebetsi o bonolo kaha o bile o le theko e boima haholo.
A re ho tloha e sa le ba thakhotse morero ona ba se ba fihletse likolo tse 40 feela ‘me ba ntse ba thetsane ka mahetla le UNDP. A re leeto lena la bona le sa letelele haholo empa morero ke hore isao ba tla boela ba eketsa ka likolo tse ling tse 40, ho fihlela ba anetse likolo kaofela.
A re ‘muso oa habo o kahar’a tšebetso e matla ea hore litšebeletso tsohle tsa ‘muso li tle li fumanehe ka tšebeliso ea marang-rang motho a ntse a le hae. “E leng hore ha le ke ke la ba le litsebo tsa ho sebelisa marang-rang ka ‘nete le tlil’o ba tsietsing e tšabehang.” O boletse joalo a bile a hlokomelisa bohle ho sebelisa marang-rang molemong oa ho ntlafatsa bophelo ba bona ka mekhoa e fapakaneng, e seng ho a sebelisa hampe kaha seo se ka ba beha ka moo thakali e fatelang.
A ipiletsa ho barutoana ho sebelisa marang-rang a likomporo molemong oa ho ntlafatsa lithuto tsa bona, kaha a tlil’o ba nolofaletsa mekhoa ea ho ithuta. Haele ka ho ba batho ba baholo a re a tlil’o ba thusa ho matlafatsa bophelo ba bona ka mekhoa e fapakaneng. A re ba tlil’o hlahloba mekhoa ea ho thusa sechaba ho fumana ‘data’ habonolo ka litheko tse tlase. Moemeli oa UNDP Lesotho, Mohlomphehi Jaqueline Olweya o thoholetsi le ho leboha Naha ea Lesotho ka ho ananela morero ona o tlil’o tlisa liphethoho bophelong ba sechaba ka liatla tse peli. A re se mo khothalitseng le ho mo matlafatsa ke ho bona hore morero ha o’a kenyeletsa batho ba ntseng ba le bacha feela lilemong empa mekhahlelo eohle ea sechaba e tl’o una molemo. A leboha bohle ba kentseng letsoho ho a tlehisa morero ona, ‘me a tiisa hore ba tla tsoelapele ho tšehetsa ‘muso ho holisa le ho matlafatsa morero ona molemong oa sechaba sa Basotho.
