Vinkmag ad

Ba arajoa ka ho panya ha ntši

Lekala la Lihloliloeng le nehelane ka matloana le tanka ea pokello ea metsi Sekolong sa Mathomo sa Maputsoe ACL ka la 29 Phato monongoaha. Letona la Thuto le Koetliso, Prof. Ntoi Rapapa o bontšitse hore mokhethoa oa Maputsoe o kentse letsoho ho netefatsa hore likolo tsa tikoloho eo li’a ntlafatsoa, ‘me lekala la habo le motlotlo hore ebe o ntse a ba thusa hore ba fihlele ntlafatso ea likolo.

A re ho molemong oa morutoana e mong le e mong ho kena sekolo moo tikoloho e bolokehileng, kaha seo se kenya letsoho bophelong bo botle ba bona hammoho le litichere.

O re matloana a hloekileng a maemong a matle, ke tlhoko ea mantlha boithutong ba bana haholo ba banana, ka hona ba lokela ho thusetsa moo tlhoko e leng teng, ‘me ho fihlela hajoale lekala le ntse le sebetsa ka thata ho thusetsa likolong tse tlokotsing. O hlalositse hore ho tlile tlhokomelong ea lekala hore Sekolo sa Maputsoe se seholo haholo kaha se na le barutoana ba fetang 1000, empa e le Sekolo sa Mathomo.

A tšepisa hore lekala la habo le ntse le etsa meralo ea hore se ekeletsoe meaho le litichere e le hore se holisoe hore se be le sekolo se mahareng. A bontša hore phepelo ea metsi a hloekileng e fetola bophelo ba sechaba, e seng feela likolong empa le ba phelang metseng, ka hoo ha lenane la bana le balloa ho 1000 hoa lokeleha hore bana ba joalo ba fumane metsi a hloekileng ka linako tsohle.

O khothalelitse bana ba tikoloho ena ho se amehe litlolong tsa molao, kaha tikoloho ea bona e aparetsoe ke litloaelo tse mpe tse ka emang bokamoso ba bona pele.

Letona Lihloliloeng, Mohlomphehi Mohlomi Moleko o bontšitse hore ba ile ba fumana kopo ea hore nakong ena eo morero oa phepelo ea metsi mabalane o ntseng o sebetsa kahare ho Maputsoe, o mpe o thusetse sekolong seo kaha se le tlhokong ea metsi le matloana.

A re ba ile ba etela sekolo seo ho ea etsa boithuto, ‘me ke moo ba ileng ba fumana maemo e le a hlobaetsang a matloana, ao ho seng motsoali kapa tichere e ka phuthulohang hore ngoana a kene sekolo moo bophelo bo sa bolokehang.

O re ba ile ba potlakela ho etsa taelo ho mokonteraka ea ntseng a sebetsa sebakeng sena ho thusetsa, “kaha re ntse re ipapisitse le taelo ea tona-kholo ea hore likolo le Litsi tsa Kokelo li hokeloe ka metsi.” Moleko o supile hore ba sebeletsa hore selemo sa 2030 e fihle Mosotho e mong le e mong a e-na le metsi, ‘me likolo le tsona li’a kenella moo kaha e le sebaka seo bana ba qetang nako e telele teng. A bontša hore morero oa phepelo ea metsi mabalane o reretsoe ho anetsa metsi ho Basotho ba 1.1 millione, ‘me tebello ke hore o kenye letsoho ho thusetsa litlhokong tsa mantlha tsa sechaba nakong ea tšebetso kahare ho litereke.

A leboha botšehetsi boo ba bo fuoang ke Banka ea Lefatše hammoho le boitelo boo mokonteraka a faneng ka bona ho atlehisa morero ona, hobane o kentse letsoho le ho tla nehelana ka limpho tse itseng ho barutoana, ‘me seo se pakahatsa tšebelisano e mofuthu.

Moemeli oa Banka ea Lefatše Lesotho, Dr. Dinara Djoldosheva o hlalositse hore Banka ea Lefatše e ikemiselitse ho thusa ‘Muso oa Lesotho ho ntlafatsa bophelo ba sechaba. A re hape e ikemiselitse ho sebetsa le ona ka ho kenya letsoho katlehisong ea meoloane ea naha, ho thehela bacha mesebetsi le ho ntlafatsa bophelo ba sechaba.

A bontša bohlokoa ba ho ela hloko polokeho ea tikoloho eo barutoana ba phelang ho eona boteleleng ba letsatsi, hobane seo se tla hlahisa litholoana tse ntle thutong ea bona.

O itse Naha ea Lesotho e ka holisa moruo oa eona ka metsi, ho theha mesebetsi esita le hona ho tseba ho fepela linaha tse ahelaneng le eona le sechaba kaofela ho se ea sallang morao, ka hoo Basotho ba se silafatse metsi ao kaha e le taemane ea naha ena.

Mokhethoa oa Lebatooa la Maputsoe, Stephen Mputhi o lebohile Lekala la Lihloliloeng ka ho arabela sello sa sekolo seo ka nako e sa feliseng pelo kamor’a ho etsa kopo ea ho nanabeletsoa ka lithuso tsa khaho ea matloana le khokelo ea metsi.

A re maemo a ne a se a hlobaetsa kaha pejana ho ile ha e ba le ngoana ea oelang sekoting sa matloana ka lebaka la ho se sireletsehe. A re o ile a kokota le ho Lekala la Thuto ho phallela sekolo sena hobane joale mookameli oa sona a ne a lula a khathaletsa ofising ea hae hore ba hopoloe, ‘me ho sa natse mosebetsi o mongata oo lekala le shebaneng le oona le arabetse sello seo.

A re o lebohile mokonteraka ea ntseng a sebetsa tikolohong eo ka ho se be leqe ho buseletsa ho sekolong, ‘me takatso ke hore le likolong tse ling tse tlokotsing ho ‘ne ho be joalo.

Mookameli oa Sekolo sa Maputsoe ACL, ‘Mahlabathe Molapo o bontšitse thabo ea bona e le e khaphatsehang hore e be kamor’a lilemo tse ngata hakaalo sekolo se le tlokotsing se qetelletse se fumane thuso.

A re ba ne ba tobane le qholotso ea metsi a sieo le matloana a seng hantle, ‘me tsena tsohle li ne li ama boithuto ba barutoana ka tikoloho e sa bolokehang eo ba neng ba phela ho eona. A re ba lokela ho thabela mpho ena esita le ho e hlokomela hobane e fihlile nakong eo ba neng ba se na tšepo hore ka le leng la matsatsi ba tla arajoa, kaha ba lekile ka makhetlo ho a lokisa empa ho ne ho se bobebe hobane tsela eo a ahiloeng ka eona e ne e sa ba lumelle ho fa matloana ntlafatso e hantle.

Molapo o supile hore boemo bona bo ne bo sa ame litichere le barutoana feela, empa le sechaba se ne se ameha ka hore litšila tse tsoang matloaneng li ne li fetela metseng.

Sena lekala le se entse tlas’a morero oa phepelo ea metsi mabalane ka mokhahlelo oa bobeli, o kentseng letsoho ho hokela metsi sekolong e le ho buseletsa sechabeng nakong eo tšebetso e ntseng e tsoelapele kahare ho setereke.

Vinkmag ad

Read Previous

La 5 Loetse 2025

Read Next

Ba ruta e moholo le e monyenyane

Most Popular