Vinkmag ad

La 3 Loetse 2025

Sehopotso sa Gregory e Moholo ea Halalelang, Mopapa le Moruti oa Kereke.

Laboraro

Beke ea 22 har’a selemo

Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Kolosse. (1:1-8)

“Lentsoe la ‘nete le fihlile ho lona joalokaha le fihlile lefatšeng lohle.”

Paulosi, moapostola oa Jesu Kriste ka thato ea Molimo, le Timothi ngoan’abo, ho baena e leng bahalaleli le balumeli ho Kriste Jesu, ba leng Kolosse. Mohau le khotso e tsoang ho Molimo Ntat’a rona li ke li be le lona.

Re leboha Molimo Ntat’a Morena oa rona Jesu Kriste, re ntse re le rapella kamehla, ha re utloa tsa tumelo ea lona ho Kriste Jesu, le lerato leo le nang le lona ho bahalaleli bohle, ka baka la tšepo ea ho fumana seo le se boloketsoeng maholimong.

Le utloile ka tšepo eo mohla le qalang ho bolelloa lentsoe la ‘nete, molaetsa oa taba tse monate. E fihlile ho lona joalokaha e fihlile lefatšeng lohle, ‘me ea beha, ea ba ea hola. Ea etsa joalo har’a lona ho tloha letsatsing leo ka lona le utloileng tsa mohau oa Molimo ‘me la utloisisa seo mohau oo o leng sona. Sena le se rutiloe ke Epafrase, molekane oa rona ea ratehang mosebetsing, ea nkileng sebaka sa rona e le mohlanka ea tšepahalang oa Kriste. Ke eena ea re tsebisitseng lerato leo Moea o le fileng lona.

PESALEMA 51

KE TŠEPILE MOHAU OA MOLIMO KAMEHLA LE MEHLA.

Tlung ea Molimo ke ka mohloare o motalana,

ke tšepile mohau oa Molimo kamehla le mehla.

KE TŠEPILE MOHAU OA MOLIMO KAMEHLA LE MEHLA.

Ke tla u boka ho-ea-ho-ile ka seo u se entseng,

ke tla phatlalletsa metsoalle ea hau

hore lebitso la hau le molemo.

KE TŠEPILE MOHAU OA MOLIMO KAMEHLA LE MEHLA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Luka (4:38-44)

“Metse e meng le eona e ka khona ke e bolelle molaetsa oa taba tse monate, hobane sena ke sona seo ke rometsoeng ho se phetha.”

Ka nako eo, eitse ha Jesu a e-tsoa ka tlung ea thapelo a kena ha Simone. Mohoehali oa Simone o n’a hoehla ke feberu, ‘me ba mo kopela thuso ho Jesu. Eaba Jesu o inamela ho eena, o laela feberu ka lentsoe la khalemo, ‘me ea mo tlohela. Ka nako le motsotso mokuli a tsoha, ‘me a ba fepa.

Ha letsatsi le likela, bohle ba neng ba e-na le bakuli ba jeoang ke mafu a mefuta-futa, ba ba tlisa ho Jesu, ‘me eena a ba folisa ka ho beha matsoho holim’a e mong le e mong oa bona. Bademone le bona ba ne ba e-tsoa ho ba bangata, ba ntse ba hooa, ba re: Uena, u Mora oa Molimo. Empa, ka lentsoe la khalemo, o n’a ba hanela ho bua, hobane ba ne ba tseba hore ke eena Kriste.

Eare ha letsatsi le chaba, a tloha a ikela nahathothe. Matšoele a ne a ‘matla, ‘me ha a fihla ho eena, a ne a rata ho mo thiba, hore a se ke a tloha ho ‘ona. Empa eena a re: Metse e meng le eona e ka khona ke e bolelle molaetsa oa taba tse monate tsa ‘Muso oa Molimo, hobane sena ke sona seo ke rometsoeng ho se phetha, ‘me o n’a ruta matlung a thapelo, Galilea.

Vinkmag ad

Read Previous

La 2 Loetse 2025

Read Next

La 4 Loetse 2025

Most Popular