Ka sepheo sa ho akofisa tšebetso ea ho thusa bacha ho thakelana ka malebela ka mekhoa ea ho itlhahisetsa mesebetsi, ka ho ithehela likhoebo le ho matlafatsa tse teng, Bacha ba Ikopantseng ba tsoileng letšolo ho kopana le bacha literekeng ka ho fapakana ha tsona, ba bile le ‘moka oa khohola-koqo oa bacha o bileng Mapoteng, Berea ka la 30 Phato 2025.
Mohlophisi oa ‘moka ona oa Bacha ba Ikopantseng, Monghali Kananelo Boloetsi o hlaloselitse bacha ‘mokeng ona hore ha ba tla qala ho potoloha le litereke ho tšoarela bacha matšolo ana a lipuisano, e ne e le ha ba tšoentsoe haholo ke ho bona hore Naha ea Lesotho nakong ena e seng e e-na le lilemo tse 60 e ipusa, e ntse e phalleloa ka lijo empa e ntse e ka atleha ho iphepa.
“Taba ena ea lithuso e ile ea re kenya bothateng ha Naha ea Amerika e khaola lithuso tsa eona, moo batho ba bangata ho kenyeletsa bacha ba ileng ba lahleheloa ke mesebetsi. Ka hona re ile ra bona ho le bohlokoa hore re ke re be le ‘moka oa mofuta ona, moo re tlil’o thakelana ka malebela re le bacha hore na re ka thusa Lesotho joang ho ikemela moruong haholo-holo litabeng tsa ho itlhahisetsa likhoebo.” A rialo.
A eketsa ka hore ke nako ea hore bacha ba kenye letsoho le toma hore Lesotho le tsebe ho ba le boikemelo moruong, e le ho qoba mathata a kang ha baetapele ba linaha tse ling, ha ba etsa liqeto tsa ho hula lithuso naha e se amehe. “Re etsa joang hore Lesotho le ikemele moruong haholo-holo nakong ena ea lilemo tse ngata tseo e saleng re ipusa? Re le bacha ba Lesotho re ka tseba ho iphepa ea ba ha re tšoenyehe ke liqeto tsa baetapele ba linaha tse ling.” Ke Boloetsi eo.
Mokhethoa oa Lebatooa la ‘Makhoroana, Mohlomphehi Tšitso Cheba o entse tlhahiso hona ‘mokeng oo hore Naha ea Lesotho e tlameha hore e be le banka e bitsoang Banka ea Ntlafatso ea Moruo, e tla tseba ho thusa likhoebo tse nyenyane ho hola. A tiisa hore libanka li teng kahar’a naha empa chebelo-pele ea nako e telele e ka pholosang bacha le bahoebi ba ntseng ba thuthuha ke ho ba le toro ea ho theha Banka e Kholo ea Ntšetsopele ea Moruo, e leng e tla shebana le ho thusa bahoebi ba ntseng ba hola.
A ipiletsa ho bacha hore hang kamor’a ‘moka ona ba qalelle ho etsa lipoloko ka ho qala malapeng a habo bona ka ho itlhahisetsa mefuta e fapakaneng ea lijalo. A ba kopa ka tsela e khethehileng ho tsamaella thoko haholo le lintho tse ka senyang bophelo ba bona e leng tai le lithetefatsi. A thoholetsa ‘moka ona kaha o file bacha menyetla ea ho thakelana ka malebela le ho ba hlokomelisa ka mekhoa ea boipheliso kahare ho naha.
Mofumahali ‘Mataka Motanyane ea neng a emetse Lekalana la Nthafatso ea Likhoebo tse Nyenyane o itse morero o moholo oa bona ke ho thusa bacha hore ba hlahise lintho tse ngata tse fapakaneng e le ho fokotsa ho ja lintho tse hlahisitsoeng ke machaba a mang. A re ba thusa bacha hore ba tsebe ho ikopanya ka mahlale a bona le ho hlahisa meralo ea bona, eo ba ba batlelang batho ba ba thusang ho ba rupela qalong ho isa qetellong.
A re e meng ea mesebetsi eo ba e etsang ke ho bona hore bacha ka lihlahisoa tsa bona li jeoa kahare le kantle ho naha. “Bacha ba seng ba ntse ba le kahare ho khoebo, re ba thusa ho ba kopanya le mefuta eohle ea bareki.” A rialo.
Adv. Itumeleng Musane eena o ile a hlahella bacha ka bohlokoa ba ho sireletsa boqapi ka mefuta eohle ea likhoebo tsa bona. A re boqapi bo bongata kahare ho naha empa bacha ba sitoa ho latela methati e nepahetseng ea ho bo sireletsa, e le hore ba tsebe ho itlhahisetsa chelete. A re boqapi bo mefuta e mene e leng boqapi ba mahlale, ba matšoao a khoebo, ba mekhabiso ea thepa le ba makunutu a khoebo. A khothaletsa bacha ho tšireletsa boqapi ba bona kaha ba ka tseba ho iphelisa ka bona ka mekhoa e fapakaneng.
Ke ‘moka oa bohlano ona o bileng le katleho e kholo o neng o hlophisitsoe ke Bacha ba Ikopantseng ho thusa bacha ka mekhoa ea ho theha le ho holisa likhoebo tsa bona tse fapakaneng.
