Vodacom Lesotho Foundation hammoho le Mokhatlo oa Machaba Lesotho (UNFPA), li tlabotse selekane sa tšebelisano ‘moho ea lilemo tse tharo se reretsoeng ho matlafatsa ntoa khahlanong le tlhekefetso ea bong (GBV) e ntseng e ata kahar’a naha. Litaba tsena li bile ‘mokeng oa bo-ralitaba oa la 19 Phato monongoaha.
Tšebelisano ena e tiisitsoe ka ho tekenela tumellano ea ts’ebetso (MOU) ‘me sena se etsahala nakong eo Lesotho le tobaneng le maemo a hlobaetsang, kaha liphuputso li bontša hore basali ba ka bang 86% ba kile ba hlaheloa ke tlhekefetso ea mofuta ona.
Mookameli e Moholo oa Vodacom Lesotho, Monghali Mohale Ralebitso o itse ho ata ha tlhekefetso ea basali ka lipalo tse phahameng hakana ke tšitiso e kholo nts’etsopeleng ea sechaba le Naha ea Lesotho. Ka hona a re ho sebetsana le bothata bona ho hloka hore ba kopanye matsoho bohle, ba sebelisane ka maano a fapakaneng. A re tšebelisano ena le UNFPA e bontša boitlamo ba bona ba ho loantša bothata bona ka botebo, ho tloha thibelong ho fihlela tlhokomelong ea mahlatsipa a tlhekefetso.
O hlalositse hore tšebelisano ena e tla akaretsa thibelo e matla sechabeng, ho tšoara baetsi ba litlolo tsa molao ka boikarabello, ho matlafatsa basali hore ba bue, le ho fana ka tšehetso e feletseng ho mahlatsipa le bana ba bona.
Molula-Setulo oa Vodacom Lesotho Foundation, Monghali John Matlosa o boletse hore ba se ntse ba tšehetsa malapa a sireletsang mahlatsipa a GBV ka liphallelo tse fapakaneng, empa hona joale ba thabile hobane tšebelisano ena le UNFPA e tla matlafatsa mosebetsi ona haholo.
A leboha UNFPA ka hore e kenye letsoho ntoeng ena, hobane ke ho boloka bophelo ba sechaba le ho kenya letsoho kholong ea moruo.
Moemeli oa UNFPA Lesotho, Monghali John Kennedy Mosoti o totobalitse hore tlhekefetso ea bong ha e khetholle sechaba kapa maemo a moruo empa e ama bohle. Ka hoo a re ho e felisa ho hloka hore bohle re eme hammoho. O itse ba ananela karolo eo Vodacom e e nkileng hobane sena se bontša bohlokoa ba karolo ea likhoebo ka ho tlisa phetoho sechabeng.
O ile a boela a khothaletsa bo-ralitaba ho tsoela pele ho phahamisa tsebo le ho khothaletsa Naha ea Lesotho e bolokehileng bakeng sa basali le banana.
Tumellano ena ea lilemo tse tharo e tla kenyelletsa libaka tse sireletsehileng bakeng sa mahlatsipa le bana ba bona, tšehetso e felletseng e shebaneng le tlhokomelo ea ba hlasetsoeng le kopano ea balekane ho matlafatsa tšebelisano. Tse ling ke tlhokomelo le ho khutlisetsa sechabeng ba hlasetsoeng, ho tsebahatsa litaba tsa tekano ea bong le litokelo tsa botho ka mananeo a fapakaneng.
Tšebelisano ena e ncha e bontša mohato o moholo oa ho aha Lesotho le bolokehileng le nang le toka, moo basali le banana ba ka phelang ba lokolohile ba sa hlekefetsoe.
