Komisi e Ikemetseng ea Likhetho (IEC) ka tšehetso ea lichelete ea European Union (EU) le United Nations Development Programme (UNDP), e tšoere thupelo holima tšeho ea mabatooa mabapi le ngoliso ea bakhethi le karohano ea meeli e qalileng ka la 19 ho fihlela ka la 22 khoeling e holimo.
Thupelo ena e reretsoe ho matlafatsa bokhoni le litsebo tsa basebetsi moralong oa tšebetso le tsamaiso ea ngoliso ea bakhethi hammoho le tšeho ea mabatooa, ho latela molaooa motheo le maemo a machaba.
Moeletsi e Moholo oa Likhetho ho tsoa UNPD Lesotho, Shalva Tskhakaya o itse ‘moka o tl’o shebana le litaba tsa thuto ka likhetho le ngoliso ea tsona, ‘me a re ba na le tšepo ea hore ha ‘moka o fihla pheletsong, ba fuoeng thupelo ba tla be ba e-na le leseli litabeng tsa Molao oa Motheo mabapi le ho khethisa le tsamaiso ea likhetho.
A re likhetho li lokela ho sireletseha kaha e le thepa ea sechaba ‘me ba e sebelisang kapa ho sebetsa ho eona ba lokela ho ba hlokolosi. O re taba eo e bohlokoa hobane e thusa likhethong tse nang le ponaletso kahar’a sechaba le boiphihlelo ba naha ntlafalong ea likhetho.
Mookameli oa IEC Adv. Mpaiphele Maqutu o itse thupelo ena ea matsatsi a mane, e reretsoe ho fa ba rupeloang litsebo, lisebelisoa le mekhoa ea tšebelisano ’moho le ho ntlafatsa bots’epehi, ho kenyeletsa batho bohle le katleho ea tšebetso ea ngoliso ea bakhethi le tšeho ea mabatooa.
A re ke takatso ea bona hore komisi moo e sebelitseng teng kamor’a likhetho ho be le ponaletso, khotso le ntlafalo ea sechaba. A re likhetho ke ntho e kholo ebile li matlafatsa naha le sechaba hape li’a se kopanya. A re ba tšoere ka thata ho itokisetsa likhetho tse tlang hore ba lule ba ntlafetse.
