Labobeli
Beke ea 20 har’a selemo
Ho baloa Bukeng ea Baahloli. (6:11-24)
“Gideone, e-ea ho pholosa Israele: Ua utloa kea u roma.”
Matsatsing ao, Lenyeloi la Morena la tla, le fihla le lula tlas’a sefate sa terebinthe se Ofra seo e neng e le sa Joashe, mo-Abiezere. Gideone, mor’a hae, o n’a polela koro ka setlhotlelong hore a e patele ba-Midiane. Lenyeloi la Morena la iponahatsa ho eena, la re: Morena o na le uena, mohale oa sebele!
Gideone a re ho lona: Oee! Monghali, ha eba Morena a e-na le rona, tsee tsohle li re hlahetse hobane’ng? E kae mehlolo eane eo bo-ntat’a rona ba re phetetseng eona, ba re: Na ha se Morena ea re ntšitseng Egepeta? Joale, Morena o re lahlile, o bile o re nehelletse ba Midiane!
Ke ha Morena a mo talima, a re: Ka ha u motho ea matla, e-ea ho pholosa ba-Israele matsohong a ba Midiane. Ua utloa kea u roma? Gideone a re ho eena: Oee! Moren’a ka, ke tla pholosa Israele joang? Ua bona, ntlo eso ke e nyenyane ho matlo a Manasse, ‘me ‘na ke oa ho fela tlung ea ntate.
Morena a mo araba, a re: Ke tla ema le uena, ‘me u tla fenya ba-Midiane, joaloka ha e-ka ke motho a le mong feela.
Gideone a re ho eena: Ha e fela ke fumane mohau ho uena, ak’u mphe pontšo ea hore ke uena ea buang le ‘na. U se ke ua tloha mona, pele ke khutlela ho uena, ho u tlisetsa nyehelo ea ka, ke e beha kapele ho uena. Eo a re: Ke tla u emela ho fihlela u khutla.
Eaba Gideone oa tsamaea, o il’o pheha potsanyane. A nka phofo e ngata, a etsa mahobe a sa lomosoang. A tšolela nama serotong, a tšela moro pitseng. A mo tlisetsa tsona tlas’a sefate sa terebinthe, ‘me a li beha kapele ho eena.
Lenyeloi la Morena la re ho eena: Nka nama le mahobe a sa lomosoang, u li behe holim’a lefika leno, ebe u tšela moro hona teng. A etsa joalo.
Lenyeloi la Morena la otlolla letsoho le tšoereng lere, la qhoqhotsa nama le mahobe a sa lomosoang ka ntlha ea lona; ke ha ho tlola mollo lefikeng, o chesa nama le mahobe a sa lomosoang. Joale Lenyeloi la Morena la nyamela.
Gideone a qala ho elelloa hore ke lenyeloi la Morena. Eaba o re: Jonna ‘na! Morena Molimo oa ka, ke bone lenyeloi la Morena, re talimane mahlong. Morena a re ho eena: Itulele ka khotso, u se ke ua tšoha; ha u na ho shoa. Ebile Gideone o s’a ahela Morena aletare hona moo, a ba a e reha lebitso la “Morena-oa-Khotso.”
PESALEMA 84
MORENA O BUA KA TSA KHOTSO LE SECHABA SA HAE.
Ke rata ho utloa se boleloang ke Morena Molimo,
hobane o bua ka tsa khotso le sechaba le metsoalle ea hae,
hore ba se ke ba khutlela bothotong ba bona.
MORENA O BUA KA TSA KHOTSO LE SECHABA SA HAE.
Mohau le ‘nete li tla khahlametsana,
toka le khotso li akane.
‘Nete e tla runya lefatšeng,
toka e lepelle le maholimong.
MORENA O BUA KA TSA KHOTSO LE SECHABA SA HAE.
Morena ka sebele o tla fana ka tse molemo,
lefatše la rona le behe litholoana.
Toka e tla mo etella pele,
khotso eona e mo felehetse.
MORENA O BUA KA TSA KHOTSO LE SECHABA SA HAE.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (19:23-30)
“Ho bonolo hore kamele e fete ka leihlo la nale, ho e-na le hore morui a kene musong oa maholimo.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ruri kea le bolella, morui o tla kena musong oa maholimo ka thata. Ke le bolella hape, ke re ho bonolo hore kamele e fete ka leihlo la nale, ho e-na le hore morui a kene ‘musong oa maholimo. Ha barutuoa ba utloa tsena ba makala haholo, ba re: Ha ho le joalo, ke mang ea ka pholohang na? Empa Jesu a ba talima, a re ho bona: Ha e le batho, hona hoa ba sita; empa ho Molimo ha ho letho le mo sitang.
Joale Peterosi a re ho Jesu: Bona, rona re tlohetse tsohle, ‘me re u latetse. Joale re tla ba le eng? Jesu a re ho bona: Ruri kea le bolella, lona ba ntatetseng: mohla nchafatso ea tsohle, ha Mor’a motho a lutse teroneng ea hae ea letlotlo, le lona le tla lula literoneng tse leshome le metso e ‘meli, le ahlole meloko e leshome le metso e ‘meli ea Israele.
‘Me mang le mang ea tlohetseng matlo, kapa bana babo, kapa likhaitseli, kapa ntat’ae, kapa ‘m’ae kapa mosali, kapa bana, kapa masimo, ka baka la lebitso la ka, o tla buseletsoa ha lekholo ‘me a be le kabelo bophelong bo sa feleng. ‘Me ba bangata ba pele e tla ba ba morao, le ba morao e tla ba ba pele.
