Vinkmag ad

La 16 Phato 2025

Beke ea 19 har’a selemo

Labotšelela

Ho baloa Bukeng ea Joshua. (24:14-29)

“Ikhetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa.”

Matsatsing ao, Joshua o n’a bua le sechaba, a re: Ha ho le joalo, tšabang Morena joale, le mo sebeletse ka mokhoa o phethehileng le ka botšepehi. Lahlang melimo eo bo-ntat’a lona ba ileng ba e sebeletsa mose oane ho Noka, le Egepeta, ‘me le sebeletse Morena.

Ha le se le sa rate ho sebeletsa Morena, ikhetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa, e ka ba melimo e ileng ea sebeletsoa ke bo-ntat’a lona mose oane ho noka, kapa melimo ea Baamore, bao le ahileng fatšeng la bona. Ha le ‘na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Morena. Sechaba sa fetola, sa re: Ho hang ha re rate ho koenehela Morena le ho sebeletsa melimo e sele. Hobane Morena Molimo oa rona ke eena ea re ntšitseng lefatšeng la Egepeta, tlung ea bokhoba, rona le bo-ntat’a rona, a etsa mehlolo ena e meholo mahlong a rona, a re baballa tseleng eohle eo re tsamaileng ka eona, le lichabeng tsohle tseo re fetileng har’a tsona. Le rona re tla sebeletsa Morena, hobane ke eena Molimo oa rona.

Ke eena Morena ea lelekileng kapel’a rona lichaba tseo tsohle ‘moho le ba-Amore ba neng ba ahile naheng ena. Le rona re tla sebeletsa Morena hobane ke eena Molimo oa rona.

Eaba Joshua o re ho sechaba: Le ke ke la kopa ho sebeletsa Molimo, hobane ke Molimo ea halalelang ke Molimo ea boulelang, ea sa tl’o le tšoarela litlolo tsa lona le libe tsa lona. Ha le ka furalla Morena, la sebeletsa melimo e sele, le eena o tla le etsa hampe, a le timetse, leha a se a ‘nile a le etsetsa molemo pele.

Sechaba sa re ho Joshua: Ho se be joalo, hobane re tla sebeletsa Morena. Ke ha Joshua a re ho sechaba: Lea ipakela hore le ikhethetse Morena, le tle le mo sebeletse. Ba re: Rea ipakela. Hape a re: Ha ho le joalo, lahlang melimo e sele e har’a lona, ‘me le sokollele lipelo tsa lona ho Morena Molimo oa Israele.

Sechaba sa re ho Joshua: Morena Molimo oa rona ke eena eo re tla mo sebeletsa, re mamele lentsoe la hae. Tsatsing leo Joshua a hlaba selekane le sechaba, a ba a se behela molao le taelo Shekeme. Joshua a ngola mantsoe ana bukeng ea Molao oa Molimo, a nt’o nka lejoe le leholohali, a le emisa hona moo, tlas’a eike e ka sehalalelong sa Morena.

Eaba Joshua o re ho sechaba kaofela: Lea bona, lejoe lena e tla ba paki e re tsoang, ka ha lejoe lena ebile le utloile mantsoe ‘ohle ao Morena a re boleletseng ‘ona; e tla ba paki e le tsoang ke hona, ha eba le ka tšoha le latola Molimo oa lona. Qetellong Joshua a qhala phutheho, ‘me e mong le e mong a ikhutlella ha hae.

Kamor’a tseo, Joshua mor’a Nune, mohlanka oa Morena, a shoa, a le lilemo li lekholo le leshome.

PESALEMA 15

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ak’u mpaballe, oho Molimo,

hobane ke tšabela ho uena.

Ke itse ho Morena: “Ke uena Moren’a ka.

Morena, ke uena lefa la ka le mohope oa ka,

ke uena ka sebele ea mpolokelang kabelo ea ka.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

Ke tla boka Morena, moeletsi oa ka;

le bosiu pelo ea ka e ntse e ntaea.

Ke ikemiselitse hore e be sa le

ke hopotse Morena kamehla;

ha Morena a le pel’a ka, nke ke ka oa.

KE UENA, MORENA, EA MPOLOKELANG KABELO EA KA.

U tla mpontša tsela ea bophelo,

thabo e khaphatsehang e fumanoang ho uena,

le nyakallo e sa feleng,

e fuoang ba lulang pel’a hau.”

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (19:13-15)

“Le se ke la hanela bana ba banyenyane ho tla ho ‘na: hobane ‘muso oa maholimo ke oa ba joaloka bona.”

Ka nako eo, bana ba banyenyane ba tlisoa ho Jesu hore a tle a ba behe matsoho, a ba rapelle; empa barutuoa ba ba khalemela. Eaba Jesu o re ho bona: Lesang bana ba banyenyane, ‘me le se ke la ba hanela ho tla ho ‘na; hobane ‘muso oa maholimo ke oa ba joaloka bona. ‘Me eitse hoba a ba behe matsoho, a tloha moo.

Vinkmag ad

Read Previous

Lekala le tsomela lihoai

Read Next

Sepolesa se’a keteka

Most Popular