Vinkmag ad

Lekala le tsomela lihoai

Lekala la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng, Mokhatlo oa Lefatše oa Lijo (WFP) le SADP II li thakhotse letšolo la ho atametsa mebaraka haufi le sechaba le ho ba kopanya ‘moho le barekisi ba lihlahisoa tsa temo. Litaba tsena, li bile ka la 13 Phato monongoaha.

Moemeli oa WFP Lesotho, Elliot Vhurumuku o hlalositse hore morero o moholo ke hore sechaba se kenelle litabeng tsa ntlafalo ea temo, ho bona hore ho ba le tšireletso lihlahisoeng tsa bona, haholo nakong ea komello, lipula tse matla le tse ling le ho bona hore moruo oa naha o’a hola le mebaraka e ba e tsitsitseng.

 O re mosebetsi o moholo ke ho bona hore mebaraka ea fumaneha sebakeng sa Basotho.  A re ha ba sebetsa ‘moho e le mafapha a fapakaneng ho tla ba thusa ho koala sekheo se teng litabeng tsa temo. A bontša hore ha se taba ea ho beha lihlahisoa pepeneneng kapa ho li tsebahatsa empa e le ho fana ka sethala sebakeng sa Basotho ho nka boikarabello ka tlhahiso ea bona. A re hona ke mosebetsi o moholo o thusang boitšepo ho lihoai tsa Lesotho, ho bona hore li hlahisa lijo. O re Lesotho le boemong boo ba lokelang ho bona hore le’a tsitsa khoebong le ntlafalong ea moruo. O itse ha ba rate ho fetola Basotho mekopa-kopa empa ba hloka ho bona ba iketsetsa.

Manko Manko e mong oa barekisi bohle ba thepa ea masimong, o lebohile lekala ka ho tlisa moralo ona oa ho khobokanya bo-rakhoebo ho netefatsa hore lihoai li fumana menontša le ho fumana litšebeletso ka nako. A re ha ba sa lokela hore ha ba fuoe monyetla e le bahoebi ebe ba e liehisa ho fihla mebarakeng, morero ke ho hlahisa lijo tsa boleng, ba etsa boitlamo ba hore ha Basotho ba qeta ho hlahisa thepa ea bona ba tl’o e reka.

Letona la Temo, Kanetso ea Lijo le Phepo e Nepahetseng, Mohlomphehi Thabo Mofosi o hlalositse hore sethala sa ho bapatsa litaba tsa temo ke ntho ea bohlokoa kaha e bula monyetla litabeng tsa tlhahiso ea lijo le ho sheba hore na liqholotso tse tobaneng le temo ke life.

O itse ba batla temo e kenyeletsang bohle le ho ananela mesebetsi eohle ea lekala, ho phahamisa litaba tsa temo hape e ntlafetse, phetoho ea boemo ba leholimo le boqapi. A re ‘Muso oa Lesotho o ikemiselitse ho tšehetsa Basotho litabeng tsa ntlafalo ea temo le tlhahiso ea lijo, ‘me a bontša hore ke ho tšoarana ka matsoho ba ka tsebang ho hlola maemo a tlala.

A hlalosa hore ho arabela litaba tsa tlhokahalo ea lijo ka ho arabela litaba tsa boqapi, Basotho ba leetong kaha maoto a bona a ntse a phahama a tloha hole, ‘me lihoai li tobane le liqholotso tse ngata kaha ho na le moo ho qaloang teng ke methati oa pele oa ho ba hlahisetsa mebaraka le ho botsa bahlahisi bohle ba ba fepelang ka litaba tsa temo. A re ba na le tumellano le bona hore ba lokela ho ba le lipontšuoa mabalane le masimong hore ba tsebe ho hlahisetsa Basotho lijo tse fapakaneng.

 A leboha likhoebo tsohle, “Basotho ba tlohe moriting oa tebalo, ba tsohe borokong ba shebe hohle moo ba ka thusoang teng, lihoai li se ke tsa robala li tsoe ka makhalo ohle ho tsoma pholoho ho fihlela masimong moo naha e seng e tseba ho iketsetsa.

Vinkmag ad

Read Previous

La 15 Phato 2025

Read Next

La 16 Phato 2025

Most Popular