Vinkmag ad

La 8 Phato 2025

Sehopotso sa Dominic ea Halalelang, Moprista.

Beke ea 18 har’a selemo

Labohlano

Ho baloa Bukeng ea Deuteronoma. (4:32-40)

“Ka ha a ratile bo-ntat’ao, o ile a ikhethela litloholo tsa bona tse tlang kamora’ bona.”

Moshe a bua le sechaba a re: Hlahloba mehla e fetileng, e bileng teng pele ho uena, ho qala ka letsatsi leo ka lona Molimo a neng a bope motho lefatšeng. Ho tloha pheletsong e ‘ngoe ea maholimo ho isa ho e ‘ngoe, na taba e kalo e se e ile ea hlaha, na ntho e joalo e se e ile ea utloahala?

Na se teng sechaba se seng se kileng sa utloa lentsoe la Molimo ea buang a le har’a mollo, joalokaha uena u le utloile, sa ba ‘na sa phela na? Kapa na o teng molimo e mong ea kileng a inkela sechaba har’a lichaba tse ling ka ho se nonya, ka liponahatso le ka limakatso, ka lintoa, ka letsoho le matla le ka sephaka se otlolohileng, ka litšoso tse tšabehang joaloka tseo lona le ileng la li bona ka mahlo, ha Morena Molimo oa lona a le etsetsa tsona Egepeta?

Tsena tsohle, ke uena ea ileng a li bontšoa e le hore u tle u tsebe hore Morena ke Molimo, ‘me ha ho e mong kantle ho eena. A le leholimong, o entse hore u utloe lentsoe la hae họ u ruta; le lefatšeng o u bontšitse mollo oa hae o moholo, ‘me u utloile mantsoe a hae a e-tsoa har’a mollo.

Ka ha a ratile bo-ntat’ao, o ile a ikhethela litloholo tsa bona tse tlang kamor’a bona, a u ntša Egepeta ka sebele sa hae le ka matla a maholo a hae, a ba a suthisa kapel’a hau lichaba tse u fetang ka boholo le ka matla, e le hore a u tlise naheng ea tsona, a u nehe eona e be lefa la hau, joalokaha ho nts’o le joalo le kajeno.

Kajeno u tsebe ‘me u nahane pelong ea hau hore Morena ke Molimo, holimo maholimong, le tlase lefatšeng: ha ho e mong ka ntle ho eena. Boloka melao ea hae le litaelo tsa hae, tseo ke u laelang tsona kajeno, tseo ka baka la tsona u tla ba le lehlohonolo, uena le bana ba hau, ‘me u phele halelele lefatšeng leo Morena Molimo a o a u nehang lona ho isa khale.

PESALEMA 76

KE TLA HOPOLA LIKETSO TSA MORENA.

Ke tla hopola liketso tsa Morena,

ke ikhopotse tse tsotehang tsa hau

tsa mehla e fetileng.

Ke nahane mesebetsi eohle ea hau,

ke inahane ka liketso tsa hau.

KE TLA HOPOLA LIKETSO TSA MORENA.

Molimo, tsela ea hau ea halalela;

ke molimo ofe o ka lekanang le Molimo oa rona?

Ke uena Molimo ea etsang tse tsotehang,

u bonahalitse matla a hau har’a lichaba.

KE TLA HOPOLA LIKETSO TSA MORENA.

Letsoho la hau le lopolotse sechaba sa hau,

bana ba Jakobo le ba Josefa.

Ua tsamaisa sechaba sa hau joaloka mohlape

ka letsoho la Moshe le la Aarone.

KE TLA HOPOLA LIKETSO TSA MORENA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (16:24-28)

“Motho o ka fana ka’ng hore a boelloe ke bophelo ba hae?”

Ka nako eo Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ha motho a rata ho ntšala morao, a itele, a jare sefapano sa hae ‘me a ntatele. Hobane ea ratang ho pholosa bophelo ba hae, bo tla mo lahlehela; athe ea lahleheloang ke bophelo ba hae ka baka la ka o tla bo fumana.

Motho o tla boelloa ke’ng ka ho rua lefatše lohle, empa a senyeheloa ke bophelo ba hae? Kapa motho a ka fana ka’ng hore a boelloe ke bophelo ba hae? Efela Mor’a motho o tla tla ka letlotlo la Ntat’ae, a e-na le manyeloi a hae, ‘me mohlang oo o tla buseletsa e mong le e mong ka ho ea ka mesebetsi ea hae.

Ruri kea le bolella, hara ba emeng mona ho na le ba bang ba ke keng ba e-shoa ba e-s’o bone Mor’a motho a e-tla ka borena ba hae.

Vinkmag ad

Read Previous

La 7 Phato 2025

Read Next

CBL e theola sekhahla sa phaello

Most Popular