Sehopotso sa Joannes Maria Vianney ea Halalelang, Moprista.
Beke ea 18 har’a selemo
‘Mantaha
Ho baloa Bukeng ea Lipalo. (11:4-15)
“Ke sitoa ho jara sechaba sena, kaofela ke le mong.”
Matsatsing ao, bana ba Israele ba re: Ke mang ea tla re fa nama, re ke re je? Ebile re hopotse litlhapi tseo re neng re itjella tsona feela Egepeta, le likomkomere, le mahapu, le motsuntsunyane le lieie, le sefothafotha! ‘Me joale, bophelo ba rona bo fokotse, ha re na letho; mahlo a rona a se a bona manna feela.
Manna a ne a ka tlhaku ea koriandere, ‘me ka ‘mala a n’a tšoana le lero le ommeng la sefate. Batho ba ne ba ee ba phasaphase ho a thonaka, b’a sile ka leloala, kapa b’a tule ka tšiloana; ba nt’o a pheha ka lipitsa kapa ba etse liphaphatha ka ‘ona. A n’a latsoeha joaloka liphaphatha tse lubiloeng ka oli. Ha phoka e n’e lala liahelong bosiu, le ‘ona manna a n’a lethehela ho tsona.
Moshe a utloa sechaba se lla malapeng a sona, e mong le e mong a le monyako oa tente ea hae. Le eona khalefo ea Morena ea tlokoma hampe. Eaba Moshe oa soaba.
Moshe a re ho Morena: Ke ka baka la’ng u utloisang mohlanka ua hau bohloko? Ke ka baka la’ng ha ke sa ka ka fumana mohau mahlong a hau, empa u ntjarisitse boikarabello bo boima holim’a sechaba see kaofela? Ebe ke ‘na ea emotseng sechaba see kaofela? Ebe ke ‘na ea se tsoetseng, ha e le moo u re: Se sike sefubeng sa hau joaloka moanyesi h’a sika ngoana ea nyanyang, u se ise naheng eo ke hlapanyelitseng bo-ntat’a sona hore ke tla se neha eona na?
Nama ke tla e nka kae, ke tle ke fepe sechaba see kaofela, hobane bohle ba ntelela, ba re: Re fe nama, re je? Ke sitoa ho jara sechaba sena kaofela ke le mong: sea nkimela. Ho e-na le hore u ntšoare tjena, ho molemo hore u mpe u mpolaee, ha eba ke fumane mohau mahlong a hau, ke se ke ka ‘na ka bona bomalimabe ba ka!
PESALEMA 80
ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.
Sechaba sa ka ha sea mamela lentsoe la ka,
Israele h’a ka a ‘natsa.
Ka ba tlohela
ka baka la lipelo tse manganga tsa bona,
ba tle ba tsamaee ka ho ea ka merero ea bona.
ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.
Hoja sechaba sa ka se ne se ka ‘mamela,
hoja Israele a ne a ka tsamaea tseleng tsa ka,
nka be ke kokobetsa lira tsa hae hang-hang,
ke isa ba mo loantšang letsoho.
ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.
Ba hloileng Morena ba ne ba tla mo qekisa,
ba phele matsoalong kamehla.
Empa Israele ke ne ke tla mo fepa
ka koro e ntlehali,
ke mo khorise ka linotši tse tsoang lefikeng.”
ETSETSANG MOLIMO EO E LENG MATLA A RONA MEHOO EA THABO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (9:35-10:1)
“A bona matšoele, a a utloela bohloko.”
Ka nako eo, ha Jesu a bona matšoele, a a utloela bohloko ka hobane a ne a nyahame pelo, a saretsoe joaloka linku tse se nang molisa. Joale a re ho barutuoa ba hae: Kotulo e hlile e kholo, empa basebetsi ha ba bakae. Ha ho le joalo, rapelang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae!
Hoba a bitse barutuoa ba hae ba leshome le metso e ‘meli, a ba neha matla holim’a meea e litšila, hore ba tle ba e leleke, ba folise maloetse ‘ohle a mafu ‘ohle.
