Laboraro
Beke ea 17 har’a selemo
Ho baloa Bukeng ea Exoda. (34:29-35)
“Ba bona sefahleho sa Moshe, ba tšaba ho atamela pel’a hae.”
Ha Moshe a theoha thabeng ea Sinai, a theoha thabeng moo a nkile matlapa a mabeli a bopaki ka matsoho, empa o n’a sa tsebe hore letlalo la sefahleho sa hae lea khanya, ka ha o n’a tsoa bua le Morena.
Ha Aarone le bana bohle ba Israele ba bona kamoo letlalo la sefahleho sa Moshe le khanyang kateng, ba tšaba ho atamela pel’a hae. Ke ha Moshe a ba bitsa. Eaba Aarone le mahosana ‘ohle a phutheho ba khutlela ho eena, ‘me Moshe a bua le bona.
Ka morao, bana bohle ba Israele le bona ba atamela; a ba tsebisa tsohle tseo Morena a mo laetseng tsona thabeng ea Sinai. Eitse hoba Moshe a qete ho bua le bona, a ikhurumetsa sefahleho ka lesira.
E ne e ee ere ha Moshe a itlhahisa pel’a Morena ho bua le eena, o n’a ee a tlose lesira, ho fihlela a ba a e-tsoa. Ha a e-tsoa, a bolelle bana ba Israele tseo a li laetsoeng. Bana ba Israele ba ne ba ee ba bone hore letlalo la sefahleho sa Moshe lea khanya. Ebe Moshe o busetsa lesira sefahlehong sa hae, ho fihlela a boela a e-ea bua le Morena.
PESALEMA 98
MORENA, MOLIMO OA RONA, O’A HALALELA.
Phafang Morena. Molimo oa rona,
le itihele fatše kapel’a bonamelo ba maoto a hae,
hobane o’a halalela.
MORENA, MOLIMO OA RONA, O’A HALALELA.
Moshe le Aarone e n’e le ba bang
ba baprista ba hae,
le Samuele e le e mong
oa ba rapelang lebitso la hae;
eena o n’a ba araba.
MORENA, MOLIMO OA RONA, O’A HALALELA.
O n’a bua le bona a le topallong ea leru,
‘me ba boloka litemoso tsa hae
le litaelo tseo a ba fileng tsona.
MORENA, MOLIMO OA RONA, O’A HALALELA.
Uena, Morena Molimo oa rona, u n’u ba araba,
ba u tseba u le Molimo ea iphapanyang,
ea mpang a ba otlela liphoso tsa bona.
MORENA, MOLIMO OA RONA, O’A HALALELA.
Phafang Morena, Molimo oa rona,
le itihele fatše kapel’a thaba e halalelang ea hae,
hobane Morena, Molimo oa rona, o’a halalela.
MORENA, MOLIMO OA RONA, O’A HALALELA.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (13:44-46)
“A e’o rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reke tsimo eo.”
Ka nako eo, Jesu a re ho matšoele: ‘Muso oa maholimo o tšoana le letlotlo le patiloeng tšimong, leo ereng hoba motho a le fumane, a le pate, ‘me thabong ea hae a e’o rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a reke tšimo eo. Hape ‘Muso oa maholimo o tšoana le motho oa mohoebi ea batlang mabenyane a matle, eo ereng hoba a fumane le leng la bohlokoahali, a e’o rekisa tsohle tseo a nang le tsona, a le reke.
