Vinkmag ad

La 17 Phupu 2025

Labone

Beke ea 15 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Exoda. (3:13-20)

“Ke ‘na Ea-leng-teng. Ea-leng-teng o nthomme ho lona.”

Matsatsi ao, Moshe a utloa lentsoe la Morena, a le har’a sehlahla, ‘me a re ho Molimo: Ho lokile, ke tla ea ho bana ba Israele, ke re ho bona: Molimo oa bo-ntat’a lona o nthomme ho lona; empa ha ba ka re ho ‘na: Lebitso la hae ke mang? Ke re’ng ho bona? Molimo a re ho Moshe: Ke ‘na Ea-leng-teng. Hape a re: U tla rialo ho bana ba Israele, u re: Ea-leng-teng o nthomme ho lona.

Molimo a eketsa a re ho Moshe: U bue le bana ba Israele joana: Morena Molimo oa bo-ntat’a lona Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka, Molimo oa Jakobo, o nthomme ho lona. Lena ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, leo ke tla tsejoa ka lona molokong ho isa molokong.

Tsamaea, u phuthe baholo ba Israele, u re ho bona: Morena, Molimo oa bo-ntat’a lona, Molimo oa Abrahama, oa Isaaka le oa Jakobo, o iponahalitse ho ‘na, a re: Ho le etela ke le etetse; ‘me ke bone seo le se etsoang Egepeta.

‘Me ke itse: Ke tla le ntša matšoenyehong a Egepeta, ke le ise naheng ea ba-Kanaana, le ea Ba-Hethe, le ea ba-Amore, le ea ba-Ferese, le ea ba-Heve, le ea ba-Jebuse, e leng naha e kollang lebese le linotši. Ba tla mamela lentsoe la hau, ‘me u tla ea, ‘moho le baholo ba Israele, ho Khosi ea Egepeta, le re ho eona: Morena Molimo oa ba-Heberu, o re etetse. Joale, ak’u re lumelle ho nka leeto la matsatsi a mararo felleng, re tle re etsetse Morena Molimo oa rona sehlabelo. Ke tseba hantle hore Khosi ea Egepeta e ke ke ea le lumella ho tsamaea, ha e se ha e ka angoa ka letsoho le matla. Empa ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle Egepeta ka mehlolo e mengata, eo ke tla e etsa teng, ‘me qetellong Khosi e tla le lokolla.

PESALEMA 104

MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.

Bokang Morena, rapelang lebitso la hae,

le tumise liketso tsa hae lichabeng.

Se lebaleng tse tsotehang tseo a li entseng,

limakatso tsa hae

le likahlolo tse tsoang molomong oa hae.

MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.

Ha a lebale selekane sa hae le ka mohla,

polelo eo a e etselitseng meloko e sekete,

selekane seo a se hlabileng le Abrahama,

le kano ea hae ho Isaaka.

MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.

Morena o ngatafatsa sechaba sa hae haholo,

a se fa matla a fetang a lira tsa sona.

A fetola pelo tsa tsona hore li hloee sechaba sa hae,

tsa qhekella bahlanka ba hae.

MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.

A roma Moshe, mohlanka oa hae,

le Aarone, mokhethuoa oa hae.

A phethahatsa lipontšo tsa hae ka bona,

le limakatso tse hae naheng ea Hame.

MORENA HA A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (11:28-30)

“Ke bonolo, ebile ke pelo e boikokobetso.”

Ka nako eo, Jesu a re: Tlohong ho ‘na, lona bohle ba sebetsang thata, ba imetsoeng, ‘me ke tla le khatholla. Itjariseng joko ea ka, le ithute ka ‘na, hobane ke bonolo ebile ke pelo e boikokobetso, ‘me le tla fumanela meea ea lona khatholoho. Ruri joko ea ka e monate, ‘me thoto ea ka e bobebe.

Vinkmag ad

Read Previous

La 16 Phupu 2025

Read Next

La 18 Phupu 2025

Most Popular