Labobeli
Beke ea 15 har’a selemo
Sehopotso sa Bonaventure, Mobishopo le Moruti oa Kereke.
Ho baloa Bukeng ea Exoda. (2:1-15)
“A mo reha lebitso la Moshe, hobane o n’a re: Ke mo ntšitse metsing. Ha e se e le monna, a etela bana b’abo.”
Matsatsing ao, monna e mong oa leloko la Levi o n’a nyetse moroetsana oa leloko la habo. Mosali eo a emola, a beleha mora. Eitse ha a bona hore ke ngoana e motle, a mo pata khoeli tse tharo. Eare h’a sitoa ho mo pata ho feta moo, eaba o mo batlela sethoto sa lehlaka a se bitiela ka sekontiri le ka boka, a kenya ngoana ka ho sona, a se beha lehlakeng le lebopong la noka. Khaitseli ea ngoana o n’a eme thokoana, ho bona se tla mo hlahela.
Eaba morali oa Faro o theohela nokeng ho ea tola; baroetsana ba mo felehelitseng ba ‘na ba itsamaela lebopong la noka. Eitse h’a bona sethoto har’a lehlaka, a roma lekhabunyane la hae họ ea se nka. Eare h’a se koaholla, a bona ngoana, e le ngoan’a moshanyana a ntse a lla. A mo qenehela, a re: ke e mong oa bana ba Ha-Heberu.
Khaitseli ea ngoana a re ho morali oa Faro: Na nka ea ho u bitsetsa moanyesi har’a basali ba Ba-Heberu, a tle a anyese ngoana? Morali oa Faro a re ho eena: E-ea. Moroetsana a ea, a lata ‘m’a ngoana. Eaba morali oa Faro o re ho eena: Nka ngoana enoa, u mo anyese, ‘me ke tla u fa moputso ua hau. Mosali a nka ngoana, a mo anyesa.
Eitse ha ngoana a se a holile, a mo tlisa ho morali oa Faro, ‘me ea e-ba mora oa hae. A mo reha lebitso la Moshe, hobane o n’a re: Ke mo ntšitse metsing.
Ka tsatsi le leng ha Moshe e se e le monna, a etela bana b’abo, a bona kamoo ba imetsoang ka mesebetsi ka teng, a ba a bona le Mo-Egepeta e mong a otla Mo-Heberu oa habo. A qamaka koana le koana, ‘me eitse ha a sa bone motho a bolaea Mo-Egepeta eo, a ba a mo pata lehlabatheng.
Ka le hlahlamang, a boela a khutlela teng, a bona banna ba babeli ba Baheberu ba loana. A re ho ea phoso: U otlela’ng oa heno? Eo a re: Ke mang ea u behileng morena le moahloli oa rona? U hopola hore u ka mpolaea, joalokaha u bolaile Mo-Egepeta? Moshe a tšoha, a re: Athe taba eo e s’e tsejoa! Eitse ha Faro a utloa taba eo, a batla Moshe hore a ‘molaee. Empa Moshe a balehela Faro, a ea aha naheng ea Midiane.
PESALEMA 68
LONA BA HLOPHEHILENG LONA BA BATLANG MOLIMO BETANG PELO.
Mpholose, Molimo oa ka,
hobane metsi a nkhama.
Ke qaoa tebe-tebeng, ha ho moo nka hatang teng;
ke oetse koetseng, ke nkoa ke metsi.
LONA BA HLOPHEHILENG LONA BA BATLANG MOLIMO BETANG PELO.
Ha e le ‘na, ke lebisa thapelo ea ka ho uena, Morena,
ka nako ea khauhelo.
Nkarabe, Molimo
ka ho ea ka mohau ua hau o moholo
le ho ea ka pholoho ea hau ea ‘nete.
LONA BA HLOPHEHILENG LONA BA BATLANG MOLIMO BETANG PELO.
Ba hlophehileng ba ke ba bone, ‘me ba thabe;
betang pelo, lona ba batlang Molimo,
hobane Morena o utloa mafutsana,
ha a khese ba hae ba litlamong.
LONA BA HLOPHEHILENG LONA BA BATLANG MOLIMO BETANG PELO.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (11:20-24)
“Ka letsatsi la kahlolo litaba tsa naha ea Sodoma li tla ba bobebe ho feta tsa lona.”
Ka nako eo, Jesu a qala ho nyatsa metse eo a neng a entse mehlolo e mengata ho eona, ka hobane e sa ka ea sokoloha. A re: U malimabe, Korazine! U malimabe, Bethasaida! Hobane hoja mehlolo e ileng ea etsahala ka hare ho lona e ile ea etsoa Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ka ile ba baka khale ba apere lesela le mahoashe, ba itlotsitse ka molora. Athe, kea le bolella, ka letsatsi la kahlolo, litaba tsa Tire le Sidone li tla ba bobebe ho feta tsa lona.
Le uena Kafarnauma, ebe u tla phahamisetsoa leholimong na? U tla tetebella liheleng. Hobane hoja mehlolo e ileng ea etsahala ka hare ho uena e ile ea etsoa Sodoma, Sodoma e ka be e sa le teng le kajeno. Athe, kea le bolella, ka letaatsi la kahlolo litaba tsa naha ea Sodoma li tla ba bobebe ho feta tsa hau.
