Vinkmag ad

La 10 Phupu 2025

Labone

Beke ea 14 har’a selemo

Ho baloa Bukeng ea Genese. (44:18-21.23,29;45:1-5)

“Molimo o nthometse Egepeta hore ke tle ke pholose bophelo ba lona.”

Matsatsing ao, Juda a atamela ho Josefa, a re: Ha e le ntho e ka khahlang moren’a ka, mohlanka ua hau a ke a bue lentsoe le tla fihla litsebeng tsa moren’a ka, bohale ba hau bo sa tukele mohlanka ua hau, leha u le bophahamong bo lekanang le ba Faro. Moren’a ka o kile a botsa bahlanka ba hae, a re: Ana le ntse le e-na le ntat’a lona, kapa le na le ngoan’abo lona e mong? Ra u araba tjena, moren’a ka: Re na le ntat’a rona motho ea tsofetseng, le moena oa rona ea mo fumanetseng boqhekung, eo moholoane oa hae a shoeleng; e s’e le eena feela ea setseng oa ‘m’ae, ‘me ntat’ae oa mo rata.

Ua ba ua re ho bahlanka ba hau: Ntlisetseng eena, ke tle ke ‘mone ka mahlo a ka. Ha ngoan’abo lona e monyenyane a sa theohe le lona, le ke ke la hlola le bona sefahleho sa ka. Eitse hoba re khutlele ho mohlanka ua hau e leng ntate, ra mo phetela mantsoe a moren’a ka.

Ntate a re ho rona: Boelang hape ho ea re sella lijonyana. Ra mo araba ra re: Re sitoa ho theohela koana; ha e se ha ngoan’abo rona e monyenyane a e-ea le rona, ke hona re ka theohang, hobane re ke ke ra bona sefahleho sa monna eo, ha e se ha ngoan’abo rona e monyenyane a ka ba le rona.

Mohlanka ua hau, e leng ntate, a re ho rona: Lea tseba hore mosali oa ka o n’a ntsoaletse bara ba babeli. E mong o ‘nyameletse, ‘me ka re: E ka ‘na eaba o harotsoe, ‘me ha kea ka hlola ke ‘mona ho fihlela kajeno. Joale ha le ka tlosa le enoa pel’a ka, ‘me a hlaheloa ke kotsi, le tla etsa hore moriri oa ka o moputsoa o theohele qalong ea bafu ka masoabi.

Ebile moo Josefa a seng a sitoa ho itiisa, mahlong a bohle ba teng; a hooa, a re: Ntšetsang batho bohle kantle. ‘Me ha hoa ka ha sala motho le eena, ha a itsebisa bana babo. Eaba o bokolla haholo hoo Ba-Egepeta ba ileng ba ba utloa; ‘me taba ena ea fihla le tlung ea Faro.

Josefa a re ho bana babo: Ke ‘na Josefa. Na ntate o nts’a phela? Empa bana babo ba sitoa ho mo araba, hobane ba ne ba tšohile ha ba ‘mona, Josefa a eketsa a re ho bana babo: Atamelang ho ‘na! Ba atamela. A re: Ke ‘na Josefa, ngoan’abo lona, eo le mo rekiselitseng Ba-Egepeta. ‘Me joale, le se ke la soaba, kapa la ikutloisa bohloko, ha le ile la nthekisa, ka tla koano; hobane Molimo o nthometse koano pele ho lona hore ke tle ke pholose bophelo ba lona.

PESALEMA 104

SE LEBALENG TSE TSOTEHANG, TSEO MORENA A LI ENTSENG.

A lihela lefatše tlala,

a hula mekhoa eohle ea ho fumana bohobe.

A romela motho ho ba etella pele,

Josefa ea rekisitsoeng ho ba lekhoba.

SE LEBALENG TSE TSOTEHANG, TSEO MORENA A LI ENTSENG.

Maoto a hae a hlokofatsoa ka mahlaahlela,

a akheloa liketane molaleng,

họ fihlela ho phethahala seo a neng a se boletse,

‘me polelo ea Morena ea mo paka.

SE LEBALENG TSE TSOTEHANG, TSEO MORENA A LI ENTSENG.

Khosi ea laela hore a lokolloe,

‘musi oa lichaba a mo ntša litlamong

Ea ‘meha mookameli oa ntlo eohle ea eona,

le molisa oa maruo ohle a eona.

SE LEBALENG TSE TSOTEHANG, TSEO MORENA A LI ENTSENG.

 Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (10:7-15)

“Le amohetse feela fanang feela.”

Ka nako eo, Jesu a re ho baapostola ba hae: Ere ha le ntse le e-ea, le rute, le re: ‘Muso oa maholimo o se o le haufi! Folisang bakuli, tsosang bafu, hloekisang balepera, lelekang bademone; le amohetse feela, fanang feela!

Le se ke la ipolokela gauda, leha e le silevera, leha e le koporo ho e phuthela maqhameng a lona, leha e le khetsi bakeng la tsela, leha e le liaparo tse peli, leha e le meqathatso, leha e le lere; ka ha mosebetsi o lokeloa ke lijo tsa hae.

Joale motseng kapa motsaneng ofe kapa ofe oo le kenang ho oona, le batle hore na ea lokelang ke mang ho oona; ‘me le lule ha hae ho fihlela le tloha. Ha le kena ka tlung ea hae, le lumelise, ‘me ha eba ntlo eo e hlile e lokela, khotso ea lona e fele e tle ho eona. Empa ha e sa lokele, khotso ea lona e ke e khutlele ho lona. Ha ho se ea le amohelang leha e le ho mamela lipolelo tsa lona, le tsoe tlung eo kapa motseng oo, le ntse le hlohlora lerole maotong a lona.

Ruri kea le bolella, ka letsatsi la kahlolo litaba tsa naha ea Sodoma le ea Gomorrha li tla ba bobebe ho feta tsa motse oo.

Vinkmag ad

Read Previous

La 9 Phupu 2025

Read Next

La 11 Phupu 2025

Most Popular