MOKETE O MOHOLO OA PELO E TLOTLEHANG EA JESU
Labohlano
Ho baloa Bukeng ea Moprofeta Isaia. (49:13-15)
“Leha mosali a ka lebala lesea la hae, ‘na nke ke ka u lebala le khale.”
Etsang litlatse, lona maholimo; u nyakalle, uena lefatše; lona lithaba, le etse mehoo ea thabo; hobane Morena o tšelisa sechaba sa hae, o hauhela batho ba hae ba hlophehileng. Sione o n’a re: “Morena o ntahlile, Molimo oa ka a ntebala.” Ana mosali a ka lebala lesea la hae a khaotsa ho rata ngoan’a popelo ea hae? Esita leha bo-‘m’a ba ka lebala, ‘na nke ke ka u lebala le khale.
PESALEMA (Is 12,2-6 R. 3)
LE TLA IKHELLA METSI KA THABO LILIBENG TSA PHOLOHO.
Ke eo Molimo ea mpholosang,
ke na le tšepo, ha ke sa tšaba;
hobane matla le thoko ea ka ke Morena,
ke eena pholoho ea ka.
LE TLA IKHELLA METSI KA THABO LILIBENG TSA PHOLOHO.
Le tla ikhella metsi ka thabo
lilibeng tsa pholoho.
Bokang Morena, rapelang lebitso la hae,
le tumise liketso tsa hae lichabeng.
LE TLA IKHELLA METSI KA THABO LILIBENG TSA PHOLOHO.
Rokang Morena ka lifela, hobane o entse tse kholo,
li ke li tsejoe lefatšeng lohle.
Hooang ka thabo, le etse litlatse,
lona baahi ba Sione,
hobane Ea halalelang o har’a lona
ka botlotlehi ba hae.
LE TLA IKHELLA METSI KA THABO LILIBENG TSA PHOLOHO.
Ho baloa Lengolong la Moapostola Paulosi ho Ba-Filipi. (1:8-11)
“Pelong ea Kriste Jesu.”
Bana beso! Molimo ke paki ea kamoo ke le hlolohetsoeng bohle kateng, pelong ea Kriste Jesu. ‘Me seo ke se rapellang ke hore le ekeletsoe lerato ho ea ho ile, tsebong le kutloisisong eohle, le tle le tsebe ho hlalohanya tse molemo ho feta, le tšepahale ‘me le hloke molato letsatsing la Kriste le ntse le tletse tholoana ea toka e tlang ka Jesu Kriste, e tle e be letlotlo le thoriso ho Molimo.
Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Joannes. (15:1-8)
“Lulang ka ho ‘na, le ‘na ka ho lona.”
Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Ke ‘na morara oa ‘nete ‘me Ntate ke molemi. Lekala le leng le le leng le ho ‘na le sa beheng litholoana, o tla le rema; ‘me le leng le le leng le behang litholoana, o tla le kuta, le tle le behe haholo ho feta. Lona le se le hloekisitsoe ke molaetsa oo ke le tsebisitseng oona.
Lulang ka họ ‘na, le ‘na ka ho lona. Joalokaha lekala le sitoa ho beha le inotši, ha e se ha le kopane le sefate, le lona le sitoa ho beha ha e se ha le lutse ka ho ‘na. ‘Na ke sefate sa morara, lona le makala. Ea lulang ka ho ‘na le ‘na ka ho eena, o beha litholoana tse ngata; hobane kantle ho ‘na le sitoa ho etsa letho.
Haeba motho a sa lule họ ‘na, o tla lahleloa kantle joaloka lekala la morara, a omelle. Makala a omeletseng a ee a bokelloe a akheloe mollong, a che.
Haeba le lula ka ho ‘na le tsona lipolelo tsa ka li lula ka ho lona, le kope sohle seo le se ratang, le tla se nehoa. Ke ka tsela ena Ntate a tlotlisoang, ha le beha litholoana haholo ‘me le e-ba barutuoa ba ka.
