Vinkmag ad

La 25 Phupjane 2025

Beke ea 12 har’a selemo

Laboraro

Ho baloa Bukeng ea Genese. (15:1-12.17-18)

“Abrame o ile a lumela ho Molimo, ‘me hona ha baloa ho eena e le toka; Morena a hlaba selekane le eena.”

Matsatsing ao, lentsoe la Morena la fihlela Abrame ka pono, la re: Se tšabe, Abrame, ke ‘na thebe ea hau; moputso oa hau o tla ba moholo haholo. Abrame a re: Morena Molimo, u tla mpha’ng ha e le moo ke ikela ke se na bana, ‘me mojalefa oa ntlo ea ka e le Eliezere oa Damaseka? Abrame a ba a re: Ereka ha u sa mpha lesika, ke e mong oa bahlanka ba ka eo e tla ba mojalefa oa ka. Ke moo lentsoe la Morena le ileng la mo fihlela, le re: Eo e ke ke ea e-ba mojalefa oa hau, empa ke oa mali a hau, eo e tla ba mojalefa oa hau. A nt’o mo isa kantle, a re: Lelaletsa mahlo maholimong, u bale linaleli, ha eba u ka li bala. Eaba o re ho eena: Litloholo tsa hau li tla ba kaalo.

Abrame a lumela polelo ea Morena, ‘me ka hona Morena a mo talima e le ea lokileng. A eketsa ka ho re: Ke ‘na Morena ea u ntšitseng Ure ea ba-Kaldea, ke tle ke u fe naha ena, e be leruo la hau. Abrame a re: Morena Molimo, ke tla tseba ka’ng hore ke tla le rua? A araba, a re: Ntlisetse sethole se lemo li tharo, le poli e tšehali e lemo li tharo, le pheleu e lemo li tharo, le leeba-khoroana, le lelinyane la leeba.

Eaba o mo tlisetsa tsona kaofela, a li khekhetha ka lehare, a beha mokhekhetho o mong o shebane le o mong: empa linonyana tsona a se ke a li khekhetha. Ha manong a tsubellela nameng, Abrame a a tšosa. Eare ha letsatsi le ea malikelong, Abrame a ea le sephume sa boroko, ke moo har’a lefifi le letšo tšabo e kholo e ileng ea mo oela holimo.

Eitse ha letsatsi le se le liketse, ‘me ho se ho le ho tšo, ke ha ho hlaha sebopi se kubellang, le serumula sa mollo li tsamaea pakeng tsa mekhekhetho eo. Tsatsing leo Morena a hlaba selekane le Abrame, a re: Naha ena ke e nehile lesika la hau, ho tloha nokeng ea Egepeta ho ea kena nokeng e kholo, e leng noka ea Eufrate.

PESALEMA 104

MORENA H’A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.

Bokang Morena, rapelang lebitso la hae,

le tumise liketso tsa hae lichabeng.

Mo bineleng, le mo roke,

le inahane ka tsohle tse tsotehang tsa hae.

MORENA H’A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.

Ithoriseng ka lebitso le halalelang la hae,

lipelo tsa ba batlang Morena li ke li thabe.

Batlang Morena le matla a hae,

thahasellang sefahleho sa hae ho se khaotso.

MORENA H’A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.

Lona, lesika la Abrahama, mohlanka oa hae,

lona, bana ba Jakobo, mokhethuoa oa hae.

Ke eena Morena, Molimo oa rona,

likahlolo tsa hae li aparela lefatše.

Ha a lebale selekane sa hae le ka mohla,

polelo eo a e etselitseng meloko e sekete,

selekane seo a se hlabileng le Abrahama,

le kano ea hae ho Isaaka.

MORENA H’A LEBALE SELEKANE SA HAE LE KA MOHLA.

 

Ho baloa Evangeling e halalelang e ngotsoeng ke Matheus. (7:15-20)

“Le tla ba tseba ka litholoana tsa bona.”

Ka nako eo, Jesu a re ho barutuoa ba hae: Hlokomelang baprofeta ba leshano, ba tlang ho lona ba le lekokong la nku, empa kahare e le liphiri tse harasoanyang. Le tla ba tseba ka liketso tsa bona. Na ekaba ho ke ho kholoe merara meutloeng, kapa lifeiga tšehlong? Ka mokhoa o joalo, sefate sefe kapa sefe se setle se beha litholoana tse monate, sefate se sebe sona se beha litholoana tse mpe. Sefate se setle se ke ke sa beha litholoana tse mpe, le sefate se sebe ho beha litholoana tse monate. Sefate sefe kapa sefe se sa beheng litholoana tse monate se ee se rengoe, se lahleloe mollong. Ka hona le tla ba tseba ka liketso tsa boma.

Vinkmag ad

Read Previous

La 24 Phupjane 2025

Read Next

La 26 Phupjane 2025

Most Popular